Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 4:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 e le hore, ha ba bona, ba bone, mme ba se ke ba bontshisa; leha ba utlwa, ba utlwe, ba mpe ba se ke ba utlwisisa; esere mohlomong, ba sokoloha, mme ba tshwarelwa dibe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 e le hore ba tle “ ‘ba tadimisie, empa ba sitwe ho bona, ba mamedisise, empa ba sitwe ho utlwa, esere ba tshoha ba baka, mme ba tshwarelwa.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 E le hore, ho tadima, ba bone, mme ba se ke ba bona; le ho utlwa ba utlwe, mme ba se ke ba utlwisisa; e se re mohlomong ba ka sokoloha, mme ba tshwarelwa dibe tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 E le hore, ho tadima, ba bone, mme ba se ke ba bona; le ho utlwa ba utlwe, mme ba se ke ba utlwisisa; e se re mohlomong ba ka sokoloha, mme ba tshwarelwa dibe tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 4:12
18 Referencias Cruzadas  

Tlisang setjhaba sa difofu tse nang le mahlo, le ba sa utlweng ba nang le ditsebe!


Ba hlokile tsebo le kelello, hobane ba netilwe mahlo, hore ba se ke ba bona; le dipelo, hore ba se ke ba utlwisisa ka tsona.


Ekaba ba ntlo ya Juda ba tla nahana bobe bohle boo ke hopotseng ho ba etsetsa jona, hore ba bake e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, ke ba leselle bokgopo ba bona le sebe sa bona.


Mamela hle, setjhaba se sethoto, se se nang kelello, se nang le mahlo, empa ha se bone, se nang le ditsebe, empa ha se utlwe.


Mora motho, o ahile hara ntlo ya bahanyetsi, etswe ba ena le mahlo a ho bona, ba mpa ba sa bone, mme ba na le ditsebe tsa ho utlwa, ba mpa ba sa utlwe; efela ke ntlo ya bahanyetsi.


Le na le mahlo, ha le bone keng? Le na le ditsebe, ha le utlwe keng? Ha le elellwe keng?


A re: Lona, le neilwe ho tseba diphiri tsa muso wa Modimo; ba bang ba mpa ba di utlwa ka ditshwantsho, hore ho boneng ba se ke ba bontshisa, le ho utlweng ba se ke ba utlwisisa.


Bakang ke hona, mme le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,


Empa ho fihlela letsatsi la kajeno, Jehova ha a ka a le nea pelo tse utlwisisang, le mahlo a bonang, le ditsebe tse utlwang.


A rute ka bonolo ba hanyetsang, ho tle ho lekwe hore na mohlomong Modimo o ke se ke wa ba nea pako, ba be ba lemohe nnete;


bao ha ba ka wa, ha ho kamoo ba ka boelang ba ntjhafatswa kateng, hore ba boele ba bake, hobane ba boela ba ithakgisetsa Mora Modimo, ba mo etsetsa nyediso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos