Diketso tsohle Modimo o tla di ahlola, esita le tsona tsohle tse entsweng bofihla, ebang di ntle kapa di mpe.
Mattheu 12:36 - BIBELE Ke a le bolella, lentswe le leng le le leng la bosawana leo batho ba le buang, ba tla ikarabella hodima lona ka letsatsi la kahlolo, Sesotho 1909/1961 (SO) Mme ke re ho lona: Ka tsatsi la kahlolo, batho ba tla tsekiswa polelo e nngwe le e nngwe ya bosawana eo ba e boletseng. Baasraak Sotho NT Empa ke re ho lona: Lentswe le leng le le leng la lefeela leo batho ba le buang, ba tla ikarabella ka lona ka letsatsi la kahlolo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ke re ho lona: Lentswe le leng le le leng la lefeela leo batho ba le buang, ba tla ikarabella ka lona ka letsatsi la kahlolo. |
Diketso tsohle Modimo o tla di ahlola, esita le tsona tsohle tse entsweng bofihla, ebang di ntle kapa di mpe.
Ruri ke a le bolella, ka letsatsi la kahlolo ditaba tsa fatshe la Sodoma le Gomora di tla ba bobebe ho feta tsa motse oo.”
Empa ke a le bolella, ka letsatsi la kahlolo ditaba tsa Tire le Sidone di tla mamelleha ho feta tsa lona.
hobane o tla bewa ya lokileng ka dipolelo tsa hao, kapa o tla ahlolwa ka dipolelo tsa hao.”
Ho ya ka molaetsa o molemo, oo ke o bolelang, ho tla ba jwalo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a ahlolang diphiri tsa batho ka Jesu Kreste.
Leleme le lona ke mollo. Hara ditho tsa rona, le ka lefatshe la bokgopo, hoo le silafatsang botho bohle ba rona, le hotetse bophelo bohle ba rona; le hoteditswe ka mollo wa dihele.
Yaba ke bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme kapele ho terone. Ha phetlwa dibuka, ha nto phetlwa buka e nngwe hape, e leng buka ya bophelo, mme bafu ba ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya bona, e ngotsweng bukeng eo.