Tshenolo 20:12 - BIBELE12 Yaba ke bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme kapele ho terone. Ha phetlwa dibuka, ha nto phetlwa buka e nngwe hape, e leng buka ya bophelo, mme bafu ba ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya bona, e ngotsweng bukeng eo. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)12 Ka ntoo bona bafu ba banyenyane le ba baholo ba eme pela terone; ha phetlwa dibuka; ha phetlwa le buka e nngwe, e leng buka ya bophelo; mme bafu ba ahlolwa ka tse ngodilweng dibukeng tseo, e leng ka mesebetsi ya bona. Ver CapítuloBaasraak Sotho NT12 Ka bona bafu, ba banyenyane le ba baholo, ba eme pela Modimo; mme dibuka tsa phetlwa: mme buka e nngwe ya phetlwa, e leng buka ya bophelo: mme bafu ba ahlolwa ka tse ngodilweng dibukeng tseo, ho ya ka mesebetsi ya bona. Ver CapítuloContemporary Southern Sotho Bible 202412 Ka bona bafu, ba banyenyane le ba baholo, ba eme pela Modimo; mme dibuka tsa phetlwa: mme buka e nngwe ya phetlwa, e leng buka ya bophelo: mme bafu ba ahlolwa ka tse ngodilweng dibukeng tseo, ho ya ka mesebetsi ya bona. Ver Capítulo |
Sebatana seo o se boneng se ne se le teng, empa ha se sa le yo; feela se sa tla nyoloha mohohlong o se nang pheletso, ebe se ya timelong. Baahi ba lefatshe, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ho tloha ha lefatshe le thewa, ba tla hlollwa ha ba bona sebatana, hobane se ne se le teng, feela ha se sa le yo, empa se tla kgutla.