Furallang ditshito tsa lona tsohle tseo le sitilweng ka tsona, le be le pelo e ntjha le moya o motjha. Ke hobaneng ha le rata ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele?
Mattheu 12:33 - BIBELE “Haeba sefate se le monate, le ditholwana tsa sona di monate, empa haeba sefate se le sebe, le ditholwana sa sona di mpe, hobane sefate se tsejwa ka ditholwana tsa sona. Sesotho 1909/1961 (SO) Kapa ereng, sefate se setle, tholwana ya sona le yona e ntle; kapa ereng, sefate se sebe, tholwana ya sona le yona e mpe; hobane sefate se tsejwa ka tholwana ya sona. Baasraak Sotho NT Le mpe le etse sefate se setle, le ditholwana tsa sona e be tse ntle; kapa le mpe le etse sefate se sebe, le ditholwana tsa sona e be tse mpe: hobane sefate se tsejwa ka ditholwana tsa sona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le mpe le etse sefate se setle, le ditholwana tsa sona e be tse ntle; kapa le mpe le etse sefate se sebe, le ditholwana tsa sona e be tse mpe: hobane sefate se tsejwa ka ditholwana tsa sona. |
Furallang ditshito tsa lona tsohle tseo le sitilweng ka tsona, le be le pelo e ntjha le moya o motjha. Ke hobaneng ha le rata ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele?
Hloyang bokgopo, le rate tse molemo, ka makgotleng le ahlole ka toka, mohlomong Morena, Morena Modimo wa mabotho, a ka hauhela masalla a Josefa.
Sefofu towe sa Mofarisi! Qala ka ho hlwekisa bokahare ba mohope e le hore bokantle ba wona le bona bo tle bo hlweke.
Etswe selepe se se se beilwe metsong ya difate; ka baka leo, sefate ka seng se sa beheng ditholwana tse monate se tla rengwa, se lahlelwe mollong.”
Bana beso, na feiye e ka beha ditholwana tsa mohlwaare, kapa morara tsa feiye? Ka mokgwa o jwalo, ha ho sediba se ka kollang metsi a letswai le metsi a monate.
Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona. Lona baetsadibe, hlatswang matsoho a lona; lona ba qeaqeang, hlwekisang dipelo tsa lona.