Jwale setjhaba sa Iseraele sa aroha dihlopha tse pedi. Sehlopha se seng sa latela Tibeni, mora wa Ginate, sa re se mo etsa kgosi, mme se seng sona sa latela Omeri.
Mattheu 12:25 - BIBELE Ka ho tseba mehopolo ya bona, Jesu a re ho bona: “Mmuso o mong le o mong o ikarolang ho itwantsha o fetoha lesupi, mme ha ho motse kapa lelapa le ikarolang ho itwantsha le ka tiyang. Sesotho 1909/1961 (SO) Athe Jesu a tseba mehopolo ya bona, mme a re ho bona: Mmuso o mong le o mong o kgaohaneng ho itwantsha o tla fetoha lesupi; le motse o mong le o mong, leha e le ntlo e kgaohaneng ho itwantsha, e ke ke ya tiya. Baasraak Sotho NT Jesu a tseba mehopolo ya bona, a re ho bona: Mmuso o mong le o mong o arohaneng o tla senyeha; le motse o mong le o mong, leha e le ntlo e arohaneng, e ke ke ya tiya; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a tseba mehopolo ya bona, a re ho bona: Mmuso o mong le o mong o arohaneng o tla senyeha; le motse o mong le o mong, leha e le ntlo e arohaneng, e ke ke ya tiya; |
Jwale setjhaba sa Iseraele sa aroha dihlopha tse pedi. Sehlopha se seng sa latela Tibeni, mora wa Ginate, sa re se mo etsa kgosi, mme se seng sona sa latela Omeri.
O tseba ha ke dula le ha ke ema, o hlalohanya mehopolo ya ka, o e hlalohanya ke sa le hole.
Ba morabe wa Manase ba tla ja ba wa Efraime, ba Efraime ba je ba morabe wa Manase, bobedi ba merabe ena bo je morabe wa Juda; leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.
“Ke nna Morena ya lekolang dipelo, mohopolo le wona o lekolwa ke nna. Ke putsa motho ho ya ka diketso tsa hae, ho latela tholwana tsa mesebetsi ya hae.”
Ke yena ya theileng dithaba, a ba a bopa le meya. O senolela motho mehopolo ya hae, a fetole meso, a e etse lefifi. O tsamaya a phahametse lefatshe, lebitso la hae ke Morena, Morena, Modimo wa mabotho.
Hanghang Jesu ha a tseba ka moyeng wa hae hore ba ipotsa jwalo, a re ho bona: “Ke ka baka lang le ipotsang tjee?
A re ho yena kgetlo la boraro: “Simone, mora Johanne, na o a nthata na?” Petrose a swaba hobane a itse ho yena kgetlo la boraro: “Na o a nthata na,” mme a re ho yena: “Morena, o tseba tsohle, o a tseba hore ke a o rata.” Jesu a re ho yena: “Alosa dinku tsa ka!
Ana ke mang ya tsebang tse ka pelong ya motho, haese moya wa motho o ka ho yena? Ka mokgwa o jwalo, ha ho le ya mong ya tsebang tsa Modimo, haese Moya wa Modimo feela.
Ha ho sebopuwa se ka patehang pela hae; tsohle di pepeneneng, di bonahala mahlong a hae, yena eo re tla ikarabella ho yena.
Motse o moholo wa aroha dikoto tse tharo, mme metse ya baditjhaba ya wa. Modimo a hopola Babilona e kgolo, a e nwesa senwelo sa jwala ba kgalefo ya hae e tukang.
Ke tla bolaya bana ba hae; dikereke tsohle di tla tseba hore ke nna ya bonang se ka mehopolong le ka dipelong tsa batho, mme ke putsa e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.