Mattheu 11:6 - BIBELE Ho lehlohonolo ya sa kgoptjweng ka baka la ka!” Sesotho 1909/1961 (SO) Ho lehlohonolo ya sa tlo ka a kgoptjwa ho nna. Baasraak Sotho NT Mme ho lehlohonolo ya sa kgoptjweng ke nna. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme ho lehlohonolo ya sa kgoptjweng ke nna. |
empa ha a na metso ka ho yena, ke motho ya mamellang ka nakwana, mme ha ho hlaha matshwenyeho kapa ditlhoriso ka baka la Lentswe la Modimo, o phakisa ho kweneha.
Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso. Dikgopiso di tlameha ho hlaha, empa ho madimabe motho eo dikgopiso di hlahang ka yena.
Jwale Jesu a re ho bona: “Ka bosiu bona lona bohle le tla nkwenehela, hobane ho ngotswe, ho thwe: “ ‘Ke tla otla modisa, mme dinku tsa mohlape di tla qhalana.’
Haeba leihlo la hao le letona le o dihela sebeng, le honye, o le lahle, hobane ho molemo ho wena ha ho ka timela setho se le seng sa hao, ho ena le hore mmele wohle wa hao o lahlelwe diheleng,
Na eo hase mmetli wa mapolanka, mora Maria, le ngwanabo Jakobo, le Joseta, le Juda le Simone na? Na dikgaitsedi tsa hae ha di hara rona moo?” Ba kgopiseha ke yena.
Simeone a ba hlohonolofatsa, mme a re ho Maria, mmae: “Bona, ngwana enwa o baletswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng le ho ba pontsho e tlang ho hanyetswa,
Ho tloha nakong eo ba bangata ba barutuwa ba hae ba ikgula, mme ba se ke ba hlola ba tsamaya le yena.
Motho ya buswang ke botho ha a amohele tsa Moya wa Modimo, hobane ho yena tseo ke bothoto. Le ho di tseba a ke ke a di tseba, hobane di hlalohanngwa ka Moya o Halalelang feela.
Ha e le nna, bana beso, haeba ke ntse ke ruta tsa lebollo, keng ha ke sa ntse ke hloriswa? Hoja ho jwalo, kgopiso ya sefapano e ka be e fedisitswe.
ke lejwe le tla ba kgopa, lefika le tla ba thula.” Ba sa dumeleng lentswe la Modimo ba a kgoptjwa: hona ke kabelo ya bona.