Mattheu 11:4 - BIBELE Jesu a ba araba, a re: “Eyang, le phetele Johanne tseo le di utlwang le tseo le di bonang: Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a araba, a re ho bona: Eyang, le tsebise Johanne tseo le di utlwang, le tseo le di bonang: Baasraak Sotho NT Jesu a araba, a re ho bona: Eyang le tsebise Johanne tseo le di utlwang le tseo le di bonang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a araba, a re ho bona: Eyang le tsebise Johanne tseo le di utlwang le tseo le di bonang. |
Difofu di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, botsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mme mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo.
Matshweletshwele a tla ho yena, a tlisa dihlotsa, difofu, diritsa, dimumu, le ba bang ba bangata, a ba bea pela maoto a hae, mme Jesu a ba fodisa.
Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: “Ke a rata, hlweka!” Hanghang lepera la hae la hlwekiswa, a fola.
Ntumeleng ha ke re ke ka ho Ntate, le Ntate o ka ho nna; ha le sa ntumele, dumelang ka baka la yona mesebetsi eo.
“Empa nna ke na le bopaki bo fetang ba Johanne, hobane mesebetsi eo Ntate a nneileng yona hore ke e phethe, yona mesebetsi eo ke e etsang, e a mpakela hore Ntate o nthomile;