Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 11:3 - BIBELE

3 ho mmotsa: “Na ke wena ya tlang, kapa re lebelle e mong?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 a re ho yena: Ana ke wena ya boletsweng, ha thwe, o tla tla, kapa re sa lebeletse e mong na?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Ba re ho yena: Na ke wena ya tlang ho tla, kapa re lebelle e mong na?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ba re ho yena: Na ke wena ya tlang ho tla, kapa re lebelle e mong na?

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 11:3
38 Referencias Cruzadas  

Ke tla hlohonolofatsa ba o hlohonolofatsang, ke rohake ba o rohakang. Ka wena ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa.”


Ke tla hlahisa bora pakeng tsa hao le mosadi, le pakeng tsa madinyane a hao le bana ba hae. Bana ba hae ba tla kgoba hlooho ya hao; wena o tla ba loma serethe.”


Lere la bokgosi le ke ke la tloha ho Juda, le lere la bolaodi ho ditloholo tsa hae, ho fihlela monga lona a fihla, yena eo ditjhaba di tla mo mamela.


Ho bokwe ya tlang ka bitso la Morena: Re le hlohonolofatsa re le ka tlung ya Morena.


Ka baka lena, Morena ke yena ya tla le etsetsa sesupo. Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emanuele.


Kamora moo bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Morena Modimo wa bona, le Davida, kgosi ya bona. Qetellong ba tla kgutlela ho Morena ba ntse ba tlakasela, mme ba amohele mahlohonolo a hae.


Bapholosi ba bona ba tla nyoloha, ba nyolohele thabeng ya Sione, ba buse dithaba tsa Esau, mme mmuso e tla ba wa Morena.


“Ha e le wena Betlelehema Eferata, leha o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla tswa mmusi wa Iseraele, eo leloko la hae le qalehileng kgale, la qaleha mehleng ya baholoholo.”


Ke tla sisinya ditjhaba tsohle, mme matlotlo a ditjhaba kaofela a tla tliswa ka Tempeleng, e be e tlale tlotla ya ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Wena Moradi wa Sione nyakalla haholo! Wena Moradi wa Jerusalema etsa ditlatse! Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena; e lokile, e tlisa topollo, e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.


“Bona, ke tla romela leqosa la ka ho ntokisetsa tsela. Morena eo le mmatlang o tla kena ka Tempeleng ya hae a sa lebellwa. Moromuwa eo le mo lebeletseng o a tla, a phatlalatse selekane sa ka,” ho rialo Morena wa mabotho.


Ha e le lona ba hlomphang lebitso la ka, letsatsi la ho loka le tla le tjhabela ka mahlasedi a lona a fodisang. Lona le tla tswa, le thale jwaloka manamane a buletsweng ka sakeng.


“Ke a mmona, empa e seng hona jwale, ke a mmoha, empa a se haufi le nna: Ho tla ropoha naledi e etswa ho Jakobo, ho phahame lere la puso le etswa ho Iseraele; le tla hlathaka bohle ba Moabe, le ripitle bana bohle ba Shete.


Ke eo ho ngotsweng ka yena, ha thwe: “ ‘Ke romela leqosa la ka ke leo, le tla o etella pele, le o lokisetse tsela.’


Jesu a ba araba, a re: “Eyang, le phetele Johanne tseo le di utlwang le tseo le di bonang:


“Bolellang moradi wa Sione: Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.”


Matshwele a neng a mo eteletse pele, le a neng a etla kamorao a howa, a re: “Hosanna ho Mora wa Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!”


Ba neng ba mo eteletse pele le ba neng ba etla kamorao, ba howa, ba re: “Hosanna! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!


ba re: “Ho bokwe Kgosi e tlang ka lebitso la Morena! Kgotso e be lehodimong le tlotla mahodimong a hodimodimo!”


A re ho yena: “E, Morena; ke a dumela hore o Kreste, Mora wa Modimo, ya tlang lefatsheng.”


la nka makala a dipalema, la tswa ho ya mo kgahlanyetsa, mme la howa, la re: “Hosanna! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena, Kgosi ya Iseraele!”


Yena o tla ntlotlisa, hobane o tla nka ho tsa ka, a le tsebise tsona.


Jesu a re ho yena: “Mosadi, ntumele hore nako e a tla eo ka yona le sa tlo kgumamella Ntate thabeng ena, leha e le Jerusalema.


Jwale ha batho ba bona mohlolo oo a o entseng, ba re: “Kannete enwa ke yena moporofeta ya lokelang ho tla lefatsheng.”


Empa ba bangata letshweleng ba ile ba dumela ho yena, ba re: “Ha Kreste a etla, na o tla etsa mehlolo e mengata ho feta e entsweng ke eo?”


hobane kamora nakwana: “Ya tshwanetseng ho tla o tla tla, a ke ke a dieha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos