Mattheu 11:26 - BIBELE E, Ntate, hobane o kgahlilwe jwalo. Sesotho 1909/1961 (SO) E, Ntate, ho jwalo, hobane ke kamoo o ithatetseng kateng. Baasraak Sotho NT Leha ho le jwalo, Ntate, hobane ho kgahlile jwalo mahlong a hao. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Leha ho le jwalo, Ntate, hobane ho kgahlile jwalo mahlong a hao. |
Ho tloha qalehong ke tsebisitse batho tsa ho qetela, ho tloha mehleng ya boholoholo ka ba tsebisa, ka ba tsebisa tse tla etsahala, ka re: ‘Merero ya ka e tla tiya, ke tla etsa tsohle tseo ke di ratang.’
Ka yona nako eo, Jesu a nyakalatswa ke Moya o Halalelang, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse masea. E, Ntate, hobane o kgahlilwe jwalo.
a re: “Ntate, ha o rata, ako tlose senwelo sena ho nna; feela ho etswe thato ya hao, e seng ya ka.”
Jesu a re: “Ntate, ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang.” Jwale ba arolelana diaparo tsa hae ka lotho.
Yaba ba tlosa letlapa, mme Jesu a lelaletsa mahlo hodimo, a re: “Ntate, ke a o leboha ha o nkutlwile.
“Jwale moya wa ka o ferekane. Ke tla reng? Na ke tla re: ‘Ntate, o mpholose nakong ena?’ Empa ke ka lebaka lena ke fihletsweng ke nako ena.
Ntate, tlotlisa lebitso la hao!” Yaba ho tswa lentswe lehodimong, le re: “Ke le tlotlisitse, mme ke sa tla le tlotlisa hape.”
Ka yena re abetswe lefa. Ho ya ka morero wa ya sebetsang tsohle ka thato ya hae, re kgethilwe e sa le pele,
Modimo o entse hona ka ho ya ka morero wa hae wa kgalekgale, oo a o phethileng ka Kreste Jesu, Morena wa rona.
ya re pholositseng, mme ya re bitseditseng hore re halalele, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka baka la morero wa hae le mohau wa hae. O re file mohau ona ka Kreste Jesu, mehla e eso be teng.