Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 11:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 E, Ntate, ho jwalo, hobane ke kamoo o ithatetseng kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 E, Ntate, hobane o kgahlilwe jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Leha ho le jwalo, Ntate, hobane ho kgahlile jwalo mahlong a hao.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Leha ho le jwalo, Ntate, hobane ho kgahlile jwalo mahlong a hao.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 11:26
14 Referencias Cruzadas  

O o tsekisa keng ka ho re, ha o ikarabele diketsong tsohle tsa wona?


Ke nna, haesale ho hlaheng, ke bolelang tse tlang ho tla, le kgale ke boletse tse esong ho hlahe. Ke re: Morero wa ka o tla tiya, ke tla phetha thato ya ka kaofela.


Ka yona nako eo, Jesu a inyakallela moyeng, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea. Ho jwalo, Ntate, hobane ke kamoo o ithatetseng kateng.


a re: Ntate, hoja o ka rata ho suthisa senwelo sena pela ka! empa ho se ke ha etswa thato ya ka, ho etswe ya hao.


Empa Jesu o ne a re: Ntate, o ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang. Mme ba arolelana diaparo tsa hae ka ho di laola ka lotho.


Jwale, ba tlosa lejwe moo mofu a beilweng teng. Yaba Jesu o emisetsa mahlo a hae hodimo, a re: Ntate, ke a o leboha hobane o nkutlwile.


Jwale, moya wa ka o a sisimoha; mme ke tla reng? Na ke tla re: Ntate, o ntwele nakong ena? Empa ke yona ntho eo ke tletseng nako ena.


Ntate, tlotlisa lebitso la hao! Yaba lentswe le a tla le etswa lehodimong, la re: Ke se ke le tlotlisitse, mme ke tla nne ke le tlotlise!


Ha ho le jwalo, o hauhela eo o ratang ho mo hauhela, mme o thatafatsa eo o ratang ho mo thatafatsa.


Hape, ke ka ho Kreste re entsweng lefa la wona, kamoo re neng re rerelwe hona pele kateng, ka morero wa ya sebetsang dintho tsohle ka phehello ya thato ya hae;


wa re tsebisa sephiri sa thato ya wona ka boithatelo ba wona, kamoo o neng o itherele kateng;


ka morero oo o o entseng ho hloleheng, mme ke hona o tswang ho o phetha ka Jesu Kreste, Morena wa rona;


o re bolokileng, o re bitsitseng ka pitso e halalelang, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka morero wa wona o tiileng le ka mohau oo re sitsitsweng ka wona ho Jesu Kreste, mehla ya bohloleho e eso ho qale;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos