Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 11:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ntho tsohle di beilwe ho nna ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora, haese Ntate; hape, ha ho ya tsebang Ntate, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo kwahollela yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 “Tsohle ke di neetswe ke Ntate, mme ha ho ya tsebang Mora haese Ntate, hape ha ho ya tsebang Ntate haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

27 Tsohle ke di neilwe ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora, haese Ntate; mme ha ho ya tsebang Ntate, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Tsohle ke di neilwe ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora, haese Ntate; mme ha ho ya tsebang Ntate, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 11:27
21 Referencias Cruzadas  

Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.


Dintho tsohle ke di neilwe ke Ntate; mme ha ho ya tsebang hoba Mora ke mang, haese Ntate, le hoba Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ka ratang ho mo senolela yena.


Modimo ha o a ka wa bonwa ke motho le ka mohla o le mong; Mora a nnotshi, ya sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng wona.


Jwalokaha Ntate a ntseba, le nna ke tseba Ntate; mme ke beela dinku bophelo ba ka.


Jesu, ka ho tseba hobane Ntatae o mo neile dintho tsohle matsohong, le hobane o tswile ho Modimo, mme o ya ho Modimo,


Lebitso la hao ke le senoletse batho bao o nneileng bona lefatsheng; e ne e le ba hao, mme o nneile bona, mme ba bolokile lentswe la hao.


Ntate o rata Mora, mme o mo neile dintho tsohle matsohong.


Hase hore motho o kile a bona Ntate, haese ya tswang ho Modimo; yena o bone Ntate.


Empa nna ke a mo tsebe, kahobane ke tswa ho yena, mme ke romilwe ke yena.


ya ileng lehodimong, ya dutseng letsohong le letona la Modimo, eo mangeloi, le marena, le mebuso e beilweng tlasa hae.


E mong le e mong ya latolang Mora ha a bile ha a na le yena Ntate; empa ya bolelang Mora, o bile o na le yena le Ntate.


Mang le mang ya kgelohang, ya sa tiisetseng thutong ya Kreste, ha a na Modimo; ya tiisetsang thutong ya Kreste, yena o na le Ntate le Mora.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos