Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 10:21 - BIBELE

21 Ka yona nako eo, Jesu a nyakalatswa ke Moya o Halalelang, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse masea. E, Ntate, hobane o kgahlilwe jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ka yona nako eo, Jesu a inyakallela moyeng, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea. Ho jwalo, Ntate, hobane ke kamoo o ithatetseng kateng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

21 Ka yona nako eo Jesu a ipela moyeng, a re: Ke a o leboha, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea; gonne go ne go le molemo mo matlhong a gago jalo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Ka yona nako eo Jesu a ipela moyeng, a re: Ke a o leboha, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea; gonne go ne go le molemo mo matlhong a gago jalo.

Ver Capítulo Copiar




Luka 10:21
29 Referencias Cruzadas  

Pesalema ya Davida. Lefatshe ke la Morena le tsohle tse ho lona, lefatshe le bohle ba ahileng ho lona.


Morena ke motswalle wa ba mo tshabang, o ba tsebisa selekane sa hae.


Morena, monga rona, lebitso la hao le tlotleha hakaakang, le tlotleha lefatsheng lohle! Kganya ya hao, e kahodimo ho mahodimo,


Kahoo tjhaba sena ke tla boela ke se makatsa, ke se etsetsa dimakatso tse ngata. Bohlale ba bahlalefi ba sona bo tla fela, kelello ya ba nang le kelello e nyamele.”


Mmila o moholo o tla ba teng moo, o rewe lebitso la Tsela ya Kgalalelo. Baetsadibe ba ke ke ba tsamaya ka yona, e tla ba ya ba lokelang ho e tsamaya, ba ke ke ba lahleha leha e le dithoto.


Ha moya wa hae o so hlokofaditswe, o tla bona tholwana tsa ho hlokofatswa ha hae. Mohlanka wa ka ya lokileng o tla lokafatsa, a lokafatse ba bangata ka tsebo ya hae, a be a jare le makgopo a bona.


Jwalokaha mohlankana a nyala morwetsana, bara ba hao le bona ba tla o nyala; jwalokaha monyadi a thabela monyaduwa, Modimo wa hao le yena o tla o thabela.


Morena o bua tjena: “Lehodimo ke terone ya ka, lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka. E kae ntlo eo ba nkgahelang yona? Se kae sebaka seo ke tla phomola ho sona?


Morena Modimo wa hao, o na le wena, ke senatlahadi se tla o lwanela. O tla o thabela ka nyakallo, a o rate ka lerato la sebele, a howeletse, a o hlabele medidietsane, a e hlabe sa mohla tsatsi la mokete.”


Jesu a mo araba, a re: “O lehlohonolo, Simone mora Jona, kahobane hase motho wa nama le madi ya o senoletseng hona, empa ke Ntate ya mahodimong.


Ba re ho yena: “Na o ntso utlwa seo ba se bolelang?” Jesu a re ho bona: “E, ke a utlwa. Na ha le eso bale moo ho thweng: ‘O itokiseditse thoko ka melomo ya bana le ya masea?’ ”


Empa ha a bona Bafarisi le Basaduke ba bangata ba etla ho kolobetswa, a re ho bona: “Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng hore le ka baleha bohale bo tlang?


Kannete ke a le bolella, mang le mang ya sa amoheleng Mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, ha a ka ke a kena ho wona.”


Ha a e fumane, a e jare a thabile,


Ha a e fumane, a bitse metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re: ‘Thabang le nna, hobane ke fumane drakema e neng e ntahlehetse!’


Yaba ba tlosa letlapa, mme Jesu a lelaletsa mahlo hodimo, a re: “Ntate, ke a o leboha ha o nkutlwile.


Haeba molaetsa wa rona o molemo o siretse, o siretse ba yang timelong,


Ka yena re abetswe lefa. Ho ya ka morero wa ya sebetsang tsohle ka thato ya hae, re kgethilwe e sa le pele,


A rera e sa le pele hore, ka Jesu Kreste, re be bana ba hae, ho ya ka ho rata ha hae le ka ho kgahlwa ha hae,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos