Asa a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae Motseng wa Davida. Jehoshafate, mora wa hae, a mo hlahlama.
Mattheu 1:8 - BIBELE Asa a tswala Jehoshafate, Jehoshafate a tswala Jorame, Jorame a tswala Usiya, Sesotho 1909/1961 (SO) Asa a tswala Josafate; Josafate a tswala Jorame; Jorame a tswala Osiase; Baasraak Sotho NT U-Asa a tsoala Josafati; Josafati a tsoala Joramu; uJoramu wazala u-Oziya; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 U-Asa a tsoala Josafati; Josafati a tsoala Joramu; uJoramu wazala u-Oziya; |
Asa a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae Motseng wa Davida. Jehoshafate, mora wa hae, a mo hlahlama.
Setjhaba sohle sa Juda sa bea Asariya setulong sa Amasia, ntatae. O ne a ena le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng.
Ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya Jehoshafate, kgosi ya Juda, Jorame, mora wa Akabe, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. A busa ka dilemo tse leshome le metso e mmedi.
Ka selemo sa bohlano, sa puso ya Jorame, mora wa Akabe, kgosi ya Iseraele, Jehorame, mora wa Jehoshafate, kgosi ya Juda, a qala ho busa.
Jehoshafate a shwa, mme a epelwa ho bo-ntatae, Motseng wa Davida. Jehorame, mora wa hae, a mo hlahlama.