Mareka 2:2 - BIBELE Ha bokana batho ba bangata, hoo ho ileng ha hlokahala sebaka sa ho ema, leha e le monyako feela, mme a ba ruta lentswe. Sesotho 1909/1961 (SO) Batho ba bangata ba phakisa ba phuthehela teng, sebaka sa ba sa hlokahala le pela monyako; mme Jesu a ruta lentswe la Modimo. Baasraak Sotho NT Jwale ba bangata ba phutheha, hoo ho neng ho se sebaka sa ho ba amohela, leha e le monyako, mme a ba bolella lentswe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale ba bangata ba phutheha, hoo ho neng ho se sebaka sa ho ba amohela, leha e le monyako, mme a ba bolella lentswe. |
Yare hoba Johanne a tshwarwe, Jesu a fihla Galelea, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Modimo,
Empa yena, hoba a tswe moo, a tsamaya a boledisa, mme a hasanya taba eo, hoo Jesu a bileng a sitwa ho kena motseng a bonwa, a hlola nahathothe, mme batho ba tla ho yena ba etswa kahohle.
Jesu ha a etswa ka sekepeng, a bona letshwelehadi, a le utlwela bohloko, hobane le ne le le jwaloka dinku tse hlokang modisa, mme a qala ho le ruta ditaba tse ngata.
Lekgatheng leo, ha letshwele la batho ba diketekete le bokane, hoo ba neng ba hatellana, Jesu a qala pele ka ho re ho barutuwa ba hae: “Hlokomelang tomoso ya Bafarisi, e leng boikaketsi.
Ka le leng la matsatsi ao, ha Jesu a ntse a ruta, Bafarisi le baruti ba Molao ba tswang motseng o mong le o mong wa Galelea, Judea le Jerusalema, ba ne ba dutse moo. Matla a Morena a ho fodisa a ba teng ho yena.
Hamorao Jesu a etela motse le motsana ka mong, a ntse a phatlalatsa, a bolela molaetsa o molemo wa Mmuso wa Modimo. Ba leshome le metso e mmedi ba ne ba ena le yena,
Badumedi ba neng ba qhalantswe ke tlhoriso e bileng teng ho Setefane, ba fetela Fenisia, le Sipera, le Antiokia, ba sa bolelle motho lentswe la Modimo, haese Bajuda feela.
Ba haola naheng ya Firigia le Galatia, kaha Moya o Halalelang o no ba hanetse ho bolela lentswe la Modimo Asia.
Hoba ba pake, mme ba bolele lentswe la Morena, ba kgutlela Jerusalema, ba ntse ba phatlalatsa molaetsa o molemo metseng e mengata ya Basamaria.
Ho thweng hape? “Lentswe le haufi le wena, le molomong wa hao le ka pelong ya hao,” e leng lentswe la tumelo, leo re le phatlalatsang.
Phatlalatsa lentswe, o pheelle ho le bolela, ebang le a amohelwa kapa ha le amohelwe; nyatsa, kgalemela, kgothatsa, o ntse o ruta ka mamello yohle.