Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 2:13 - BIBELE

13 Jesu a boela a ya lebopong la letsha; letshwele lohle la tla ho yena, mme a le ruta.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jesu a boela a tloha, a ya nqa lewatleng, mme bongata bohle ba ya ho yena, mme a ba ruta.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 A boela a tloha, a ya lebopong la lewatle; mme letshwele lohle la tla ho yena, mme a ba ruta.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 A boela a tloha, a ya lebopong la lewatle; mme letshwele lohle la tla ho yena, mme a ba ruta.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 2:13
11 Referencias Cruzadas  

Hona tsatsing leo Jesu a tswa ka tlung, a ya dula pela letsha.


Ha Jesu a fetela pele, a bona monna ya bitswang Matheu a dutse tlung ya lekgetho. A re ho yena: “Ntatele!” Matheu a ema, mme a mo latela.


Empa yena, hoba a tswe moo, a tsamaya a boledisa, mme a hasanya taba eo, hoo Jesu a bileng a sitwa ho kena motseng a bonwa, a hlola nahathothe, mme batho ba tla ho yena ba etswa kahohle.


Jesu a tloha moo, a ya naheng ya Judea le mose ho Jorodane; matshwele a mmokanela hape, mme a a ruta hape, jwalokaha a ne a tlwaetse.


Ha bokana batho ba bangata, hoo ho ileng ha hlokahala sebaka sa ho ema, leha e le monyako feela, mme a ba ruta lentswe.


Jesu a boela a qala ho ruta a le pela letsha. Letshwelehadi la mmokanela hoo a bileng a kena ka sekepeng se letsheng, a dula teng, letshwele lohle le le lebopong la letsha.


empa ba ne ba sa fumane seo ba ka se etsang, hobane batho bohle ba ne ba mo kgomaretse, ba mo mamela.


mme batho bohle ba ne ba tsohella ho yena Tempeleng ho ya mo mamela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos