Ka ba ka ipolela sebe sa ka ho wena, ka se ke ka pata molato wa ka; ka re: “Ke tla ipolela ditlolo tsa ka ho Morena;” wena wa ntshwarela molato wa sebe sa ka.
Mareka 1:5 - BIBELE Ba naha yohle ya Judea le baahi bohle ba Jerusalema ba ya ho yena, mme a ba kolobeletsa nokeng ya Jorodane ba ntse ba ipolela dibe tsa bona. Sesotho 1909/1961 (SO) Batho bohle ba naha ya Judea le ba Jerusalema, ba ne ba tswela ho yena, mme ba ne ba kolobetswa bohle ke yena nokeng ya Jordane, ba ntse ba ipolela dibe. Baasraak Sotho NT Naha yohle ya Judea le bohle ba Jerusalema ba tswela ho yena, mme a ba kolobetsa nokeng ya Jordane, ba ntse ba bolela dibe tsa bona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Naha yohle ya Judea le bohle ba Jerusalema ba tswela ho yena, mme a ba kolobetsa nokeng ya Jordane, ba ntse ba bolela dibe tsa bona. |
Ka ba ka ipolela sebe sa ka ho wena, ka se ke ka pata molato wa ka; ka re: “Ke tla ipolela ditlolo tsa ka ho Morena;” wena wa ntshwarela molato wa sebe sa ka.
Ya patang dibe tsa hae a ke ke a ba le katleho; ya ipolelang tsona, a di bakela, o tla fumana mohau.
A ba a latelwa ke matshwelehadi a tswang Galelea, Dekapolese, Jerusalema, Judea le mose ho Jorodane.
Ha fihla Johanne a kolobeletsa feelleng, a phatlalatsa tsa kolobetso ya pako e isang tshwarelong ya dibe.
Johanne o ne a apara seaparo sa boya ba kamele, a itlamme ka leqhama la letlalo thekeng, a eja ditsie le mahe a dinotshi tsa naha.
Tsena di ile tsa etsahala Bethania, mose ho Jorodane, moo Johanne a neng a kolobeletsa teng.
Johanne o ne a kolobeletsa Enone, haufi le Saleme, kaha metsi a ne a le mangata teng, mme batho ba ne ba etla, ba kolobetswa,
Yena e ne e le lebone le tukang, le kganyang, mme lona le ile la rata ho nyakalla leseding la hae nakwana.
Petrose a re ho bona: “Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste, le tle le tshwarelwe dibe tsa lona, mme le tla amohela mpho ya Moya o Halalelang.
Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.
Yaba Joshua o re ho Akane: “Ngwanaka, ke a o rapela: Tlotlisa Morena Modimo wa Iseraele, o ipolele ho yena. Ke a o rapela: Mpolelle seo o se entseng. O se ke wa mpatela letho.”