La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Luka 8:51 - BIBELE

Yare ha a fihla ka tlung, a se ke a dumella motho ho kena le yena, haese Petrose, Johanne le Jakobo, le ntata ngwanana le mmae.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Eitse ha a fihlile tlung, a se ke a dumella le a mong ho kena, haese Petrose le Jakobo le Johanne, le ntata ngwanana le mmae.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Eitse hobane a kene tlung, a se ke a dumella motho ho kena, haese Petrose, le Jakobo, le Johanne, le ntata ngwanana, le mmae.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Eitse hobane a kene tlung, a se ke a dumella motho ho kena, haese Petrose, le Jakobo, le Johanne, le ntata ngwanana, le mmae.

Ver Capítulo



Luka 8:51
13 Referencias Cruzadas  

Yaba o a kena, o ikwalla le ngwana, o rapela Morena.


Ha a ka ke a howeletsa kapa a phahamisa lentswe, kapa a peroha hara diterata.


A tsamaya le Petrose, le Jakobo le Johanne, mme a qala ho tshoha haholo le ho tshwenyeha.


ke Simone, eo a mo reileng lebitso la Petrose, le Andrease ngwanabo, le Jakobo, le Johanne, le Filipi, le Baretholome,


Empa Jesu ha a utlwa, a re ho Jairuse: “Se tshabe; dumela feela, mme o tla fola.”


Bohle ba ne ba lla, ba hlomohetse mofu. Jesu a re: “Se lleng, hobane ha a ya shwa, o mpa a robetse.”


Kamora dipolelo tsena, ha ho fetile matsatsi a ka bang robedi, Jesu a nka Petrose, le Johanne, le Jakobo, a nyolohela thabeng ho ya rapela.


Hoba Petrose a ntshetse bohle kantle, a kgumama, a rapela; a ntano retelehela setopong, a re: “Tabitha, tsoha!” Tabitha a tutuboloha, mme ha a bona Petrose, a dula.