Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 6:14 - BIBELE

14 ke Simone, eo a mo reileng lebitso la Petrose, le Andrease ngwanabo, le Jakobo, le Johanne, le Filipi, le Baretholome,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ke Simone, eo a mo reileng Petrose, le Andrease, ngwanabo, Jakobo le Johanne, Filipi le Bartholome;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Simone, eo a mo reileng Petrose, le Andrease, ngwanabo, Jakobo le Johanne, Filipi le Bartholome,

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Simone, eo a mo reileng Petrose, le Andrease, ngwanabo, Jakobo le Johanne, Filipi le Bartholome,

Ver Capítulo Copiar




Luka 6:14
23 Referencias Cruzadas  

Mabitso a baapostola ba leshome le metso e mmedi ke ana: wa pele ke Simone ya bitswang Petrose, le Andrease ngwanabo, le Jakobo mora wa Sebedea, le Johanne ngwanabo, le


Filipi le Baretholome, le Thomase le Matheu molekgetho, le Jakobo mora wa Alefiose le Thadaose, le


Yare ha Jesu a sika le letsha la Galelea, a bona bara ba babedi ba motho, Simone ya bitswang Petrose le Andrease ngwanabo, ba ntse ba akgela letlowa letsheng, hobane e ne e le batshwasi ba ditlhapi.


Hoba a fetele pele, a bona bara ba bang ba babedi ba motho, Jakobo mora wa Sebedea le Johanne ngwanabo, ba ena le ntata bona Sebedea ka sekepeng, ba ntse ba lokisa matlowa a bona, mme a ba bitsa.


Yare hoba a tsamaye sebakana, a bona Jakobo, mora wa Sebedea, le Johanne ngwanabo, le bona ba le ka sekepeng ba ntse ba lokisa matlowa.


Yaba ba tswa ka tlung ya thapelo, ba kena ka tlung ya bo-Simone le Andrease ba ena le Jakobo le Johanne.


A tsamaya le Petrose, le Jakobo le Johanne, mme a qala ho tshoha haholo le ho tshwenyeha.


A hlomamisa ba leshome le metso e mmedi, e leng: Simone eo a ileng a mo rea lebitso la Petrose,


A se ke a dumella motho ho mo felehetsa, haese Petrose, le Jakobo, le Johanne ngwanabo Jakobo.


Kamora matsatsi a tsheletseng, Jesu a nka Petrose, le Jakobo, le Johanne, a ya le bona thabeng e telele ba le bang, boinotshing. A fetoha tshobotsi a le pela bona;


Ha eba jwalo le ho bara ba Sebedea, e leng Jakobo le Johanne, bao e neng e le balekane ba Simone. Jesu a re ho Simone: “Se tshabe; ho tloha jwale o tla ba motshwasi wa batho.”


Ha Simone Petrose a bona hoo, a itihela mangweleng a Jesu, a re: “Morena, tloha ho nna, hobane ke motho wa moetsadibe!”


Ha bo sele, a bitsetsa barutuwa ba hae ho yena, mme a kgetha ba leshome le metso e mmedi hara bona, a ba bitsa baapostola:


le Matheu, le Thomase, le Jakobo mora Alefiose, le Simone ya bitswang Motjhesehi,


Filipi a fumana Nathanaele, mme a re ho yena: “Re fumane eo Moshe a ngotseng ka yena Molaong, le baporofeta ba ngotseng ka yena, e leng Jesu, mora Josefa wa Nasaretha.”


Filipi a re ho yena: “Morena, re bontshe Ntate, e be ho re lekane.”


Jwale ha Jesu a phahamisa mahlo, mme a bona hore letshwelehadi le tla ho yena, a re ho Filipi: “Re ka reka bohobe kae, hore batho baa ba je?”


E mong wa barutuwa ba hae, Andrease, ngwanabo Simone Petrose, a re ho yena:


Ha ba se ba kene teng, ba nyolohela ka kamoreng e kahodimo, moo Petrose, le Johanne, le Jakobo, le Andrease, le Filipi, le Thomase, le Baretholome, le Matheu, le Jakobo mora wa Alefiose, le Simone Motjhesehi, le Judase mora wa Jakobo, ba neng ba emisitse teng.


A bolaya Jakobo ngwanabo Johanne ka sabole.


Nna Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke dumedisa ba amohetseng tumelo ya bohlokwa jwaloka rona, ka baka la ho loka ha Jesu Kreste, Modimo le Mopholosi wa rona, ke re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos