A araba, a re: “Na ha le eso bale hore tshimolohong Mmopi ‘o ile a etsa e motona le e motshehadi?’
Luka 6:3 - BIBELE Jesu a ba araba, a re: “Na ha le a ka la bala seo Davida a neng a se etse ha a lapile, mmoho le bao a neng a ena le bona; Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jesu o ba araba, a re: Na ha le a ka la bala ho entsweng ke Davida, mohla a neng a lapile le ba nang le yena, Baasraak Sotho NT Jesu a ba araba, a re: “Na ha le a ka la bala seo Davida a ileng a se etsa ha a ne a lapile le ba nang le yena? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a ba araba, a re: “Na ha le a ka la bala seo Davida a ileng a se etsa ha a ne a lapile le ba nang le yena? |
A araba, a re: “Na ha le eso bale hore tshimolohong Mmopi ‘o ile a etsa e motona le e motshehadi?’
Ba re ho yena: “Na o ntso utlwa seo ba se bolelang?” Jesu a re ho bona: “E, ke a utlwa. Na ha le eso bale moo ho thweng: ‘O itokiseditse thoko ka melomo ya bana le ya masea?’ ”
Jesu a re ho bona: “Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng: “ ‘Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha; ke Morena ya entseng hona, mme mahlong a rona ke mohlolo’?
Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng: “ ‘Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha.
Tabeng ya bafu ba tsohang, na ha le eso bale bukeng ya Moshe, moo ho buuwang ka sehlahla, kamoo Modimo a ileng a re ho yena kateng: ‘Ke nna Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo?’