Yare ha Jesu a sika le letsha la Galelea, a bona bara ba babedi ba motho, Simone ya bitswang Petrose le Andrease ngwanabo, ba ntse ba akgela letlowa letsheng, hobane e ne e le batshwasi ba ditlhapi.
Luka 5:2 - BIBELE a bona dikepe tse pedi di eme lebopong la letsha, batshwasi ba ditlhapi ba tswile ka ho tsona ba hlatswa matlowa a bona. Sesotho 1909/1961 (SO) A bona dikepana tse pedi tse emeng haufi le lebopo, batshwasi ba tswile ho tsona, ba hlatswa matlowa a bona. Baasraak Sotho NT A bona dikepe tse pedi di eme pela letsha, batshwasi ba dihlapi ba tswile ho tsona, ba hlatswa matlowa a bona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A bona dikepe tse pedi di eme pela letsha, batshwasi ba dihlapi ba tswile ho tsona, ba hlatswa matlowa a bona. |
Yare ha Jesu a sika le letsha la Galelea, a bona bara ba babedi ba motho, Simone ya bitswang Petrose le Andrease ngwanabo, ba ntse ba akgela letlowa letsheng, hobane e ne e le batshwasi ba ditlhapi.
Hoba a fetele pele, a bona bara ba bang ba babedi ba motho, Jakobo mora wa Sebedea le Johanne ngwanabo, ba ena le ntata bona Sebedea ka sekepeng, ba ntse ba lokisa matlowa a bona, mme a ba bitsa.
Yare ha a sika le letsha la Galelea, a bona Simone le Andrease, ngwanabo Simone, ba akgela letlowa la bona lewatleng, hobane e ne e le batshwasi ba ditlhapi.
Yare hoba a tsamaye sebakana, a bona Jakobo, mora wa Sebedea, le Johanne ngwanabo, le bona ba le ka sekepeng ba ntse ba lokisa matlowa.
Eitse ha letshwele le patisitse Jesu ho mamela lentswe la Modimo, a eme lebopong la letsha la Genesareta,
A kena ka ho se seng sa dikepe, e leng sa Simone, a mo kopa hore a se sesisetse sebakana le lebopo; hoba a dule, a ruta matshwele a le ka sekepeng.
Andrease, ngwanabo Simone Petrose, e ne e le e mong wa ba babedi ba utlwileng Johanne, ba latetseng Jesu.