Luka 10:3 - BIBELE Eyang! Bonang, ke le roma jwaloka dikonyana hara diphiri. Sesotho 1909/1961 (SO) Tsamayang! Bonang, nna ke le roma jwaloka dikonyana hara diphiri. Baasraak Sotho NT Eyang tseleng ya lona: bonang, ke le roma jwaloka dikonyana hara diphiri. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eyang tseleng ya lona: bonang, ke le roma jwaloka dikonyana hara diphiri. |
Mahosana a wona ke tau tse purumang baahlodi ba wona ke phiri tse jang bosiu, ere bo esa di be di jele di qetile.
“Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri; ha ho le jwalo le be masene jwaloka dinoha, mme le hloke mano jwaloka maeba.
Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka, empa ya tla tiisetsa ho isa qetellong, o tla pholoswa.
“Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku, empa kahare e le diphiri tse harolakang.
Le se ke la nka sepatjhe, leha e le mokotlana, leha e le meqathatso, mme le se ke la dumedisa motho tseleng.
Mohlanka, eo e seng modisa le monga dinku ka sebele, ha a bona phiri e etla, o tlohela dinku, a balehe, mme phiri e di tshware, e di qhalanye;
Hopolang polelo eo ke le boleletseng yona: ‘Mohlanka ha a moholo ho monga hae.’ Ha ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; ha ba bolokile lentswe la ka, le la lona ba tla le boloka.
Ba tla le tebela matlung a thapelo; etswe nako e a tla eo ka yona mang kapa mang ya le bolayang, a tla hopola hore o sebeletsa Modimo.
Ke a tseba hore, ha ke se ke tlohile, diphiri tse sehloho di tla kena hara lona, mme di ke ke tsa qenehela mohlape.
Nna ke tla mmontsha tsohle, tseo eka kgonang a di hlokofaletswe ka baka la lebitso la ka.”
A kopa mangolo a yang Damaseka, matlung a thapelo, e le hore ha a ka fumana bao e leng ba Tsela ena ya Bokreste, leha e le banna kapa basadi, a ba tlame, a ba tlise Jerusalema.