Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sofonia 3:3 - BIBELE

3 Mahosana a wona ke tau tse purumang baahlodi ba wona ke phiri tse jang bosiu, ere bo esa di be di jele di qetile.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Marena a wona ke ditau tse rorang hara wona; baahlodi ba wona ke diphiri tsa phirimana tse sa bolokeleng hosasane letho. Baporofeta ba wona ke baithorisi, banna ba bohata;

Ver Capítulo Copiar




Sofonia 3:3
15 Referencias Cruzadas  

Jwalokaha tau e puruma le bere e kgobolaka, mmusi ya kgopo o jwalo ha a busa bafumanehi.


Babusi ba wona ke mahlabaphiyo, ba fetohile metswalle ya mashodu, kaofela ha bona ba rata tjotjo, kaofela ha bona ba labalabela dimpho. Ha ba ahlolele kgutsana hantle, nyewe ya mohlolohadi le yona ha ba e emele.


Ho puruma ha bona ho ka ha tau, ba puruma jwaloka ditawana, ba a rora ha ba tshwara phofu ya bona, ba e hlasinye ho se ya ka e pholosang ho bona.


“Mahlo a hao le pelo di buswa ke meharo ya hao, di buswa ke ho tsholla madi a se na molato, di buswa ke kgatello le tlhokofatso ya batho.”


“Baporofeta le baprista bobedi ba silafetse, e, ka tlung ya ka ke fumane bokgopo ba bona,” ho rialo Morena.


Ba ileng ba feta pakeng tsa mekgekgetho ya namane, ke mahosana a Juda le mahosana a Jerusalema, le matona, le baprista, le setjhaba sohle sa naha ena.


Kahoo tau tsa meru di tla ba bolaya, phiri tsa lehwatata di ba harolake, mangau a solle hara metse ya bona. Bohle ba tswelang kantle ba tla tsekollwa, hobane dibe tsa bona di ngatangata, bokwenehi ba bona bo feta tekanyo.


“ ‘Bona kamoo e mong le e mong wa mahosana a Iseraele, ao e leng baahi ba hao, a sebedisang matla a hae ho tsholla madi kateng!


Le tshepile disabole tsa lona, le etsa dintho tse manyala, kaofela ha lona le a feba; jwale naha ee e ka ba ya lona jwang?’


Pere tsa sona di lebelo ho feta mangau, di bohale ho feta diphiri ka phirimana; bapalami ba di kgemisa, ba di kgemisa lekgarakgara, bapalami ha ba tswe mona le mona, ba fofa sa letlaka le ubella sefifi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos