Sofonia 3:4 - BIBELE4 Baporofeta ba wona ke baikakasi, ke banna ba tletseng bolotsana; baprista ba wona ba silafaditse Sehalalelo, molao le wona ba ba ba o tlola. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)4 baprista ba wona ba tlotlolla nqalo e halalelang, ba kgopamisa molao. Ver Capítulo |
“Ke hanyetsana le ba porofetang ditoro tsa mashano, ba be ba di bolele, ba etse hore setjhaba sa ka se kgelohe ka baka la mashano ao a bona le boithoriso boo ba bona, athe ke ne ke sa ba roma, le ho ba laela ke sa ba laela,” ho rialo Morena. “Ka baka lena, ha ba etsetse setjhaba sena molemo,” ho rialo Morena.
“Mora o hlompha ntatae, mohlanka le yena o hlompha monga hae. Haeba nna ke le ntata lona, ha le ntlhomphe keng? Haeba nna ke le monga lona, ha le ntshabe keng?” ho rialo Morena wa mabotho. “Lona baprista, ke lona ba tlontlollang lebitso la ka. “Empa le a mpotsa, le re: ‘Re tlontlolotse lebitso la hao jwang?’