Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sofonia 3:5 - BIBELE

5 Ho loka ha Morena ho teng motseng ona, ha a ka ke a etsa bokgopo ba letho. Kamehla ha ho esa o diha kahlolo, kamehla ha bo esa ha a fose, empa ya kgopo ha a hlajwe ke dihlong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Jehova o lokile kahare ho wona; ha a etse bokgopo, ka hosasa ho hong le ho hong o ntshetsa kahlolo ya hae leseding, ha a lese ho etsa jwalo; empa molotsana ha a tsebe dihlong.

Ver Capítulo Copiar




Sofonia 3:5
41 Referencias Cruzadas  

Kgopolo e jwalo, ya ho bolaya ba lokileng le ba kgopo, e ke e be hole le maikutlo a hao! Ho be siyo maikutlong a hao ho tshwantsha ba lokileng le ba kgopo! Na Moahlodi wa lefatshe lohle a ke ke a ahlola ka toka?”


“Lona bahlalefi, mmameleng ke hona: Modimo a ke ke a ba a etsa bokgopo, Ya Matla wohle a ke ke a ba a etsa phoso.


Kamehla hoseng o a mo hlahloba, kamehla motsotso ha o fete o sa mo leke.


Na Modimo a ka sokamisa kahlolo, Ya Matla wohle a sokamisa ho loka?


Morena o lokile ho tsohle tseo a di etsang, mesebetsing yohle ya hae o mohau.


O tla etsa hore ho loka ha hao ho kganye, ho kganye jwaloka lesedi, le ditokelo tsa hao di kganye jwaloka letsatsi, motsheare o moholo.


Le boqhekung ba beha ditholwana, jwaloka difate tse nonneng, fate tse talana,


Howeletsang haholo, le didietse ka thabo, le bine lona baahi ba Sione. Ya Halalelang wa Iseraele o moholo hara lona.”


Kamehla ha e feta e tla le hohola, e le hohole hoseng, motsheare le bosiu; ha le utlwisisa molaetsa ebe le a tshoha.


Oho, Morena, ako re hauhele, rona ba o tshepileng! Hoseng ho hong le ho hong o re matlafatse, o re pholose nakong ya ditsietsi.


Atamelang le bolele taba tsa lona, tlisang medimo ya lona e eletsane. Ke mang ya boletseng see e sa le kgale? Ke mang ya se phatlaladitseng mehleng e fetileng? Na e ne e se nna Morena? Ha ho modimo e mong kantle ho nna, Modimo ya lokileng le Mopholosi; ha ho e mong haese nna feela.


Morena Modimo o nneile leleme la barutehi, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ba tepeletseng. Hoseng ho hong le ho hong o a ntsosa, a etse hore ke hlwaye tsebe, ke mamele jwaloka morutuwa.


Oho, lona ba ntlo ya Davida, Morena o bua tjena: “ ‘Ahlolelang batho ka toka hoseng ha letsatsi ka leng, namolelang motlatlapuwa matsohong a motlatlapi, esere kgalefo ya ka ya laima malakabe, ya tuka hoo ho seng ya ka ba e tima, ka baka la bokgopo ba diketso tsa lona.


Kahoo mafafatsane a ile a thibelwa, pula ya hwetla le yona ya se ke ya na; empa wa tiisa phatla jwaloka seotswa, wa ngangella, dihlong tsa se ke tsa o hlaba.


Na ba ke ba be dihlong ha ba entse manyala? Le ho ka! Ho hang ho bona dihlong ha di yo! Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe; kahoo ba tla wela hara ba weleng, mohla ke ba otlang ba tla timela,” ho rialo Morena.


Na ba ke ba be dihlong ha ba entse manyala? Le ho ka! Ho hang ho bona dihlong ha di yo! Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe; kahoo ba tla wela kahara ba weleng; mohla ke ba otlang ba tla timela, ho rialo Morena.


hoseng ho hong le ho hong e a ntjhafala, botshepehi ba hae bo boholo haholo!


“Feela lona le re: ‘Tsela ya Morena ha e a loka.’ Utlwang, lona ba ntlo ya Iseraele: Na tsela ya ka ha e a loka? Na hase ditsela tsa lona tse sa lokang?


“Bolelele ba lerako leo, ho potoloha motse, e tla ba dimethara tse dikete tse robong. “Ho tloha mohlang oo, lebitso la motse e tla ba: MORENA O TENG MONA.”


Ya bohlale ke mang? Tsena o tla di hlokomela. Ya masene ke mang? Yena o tla di utlwisisa. Ditsela tsa Morena di nepahetse, ba lokileng ba tla tsamaya ka tsona, baetsadibe ba kgothometsehe ho tsona.


Kahoo ke le kgalemetse ka baporofeta ba ka, ka dipolelo tsa ka ka le timetsa, kahlolo tsa ka tsa le wela sa lehadima.


Baetapele ba yona ba ahlolela ba ba neang tjotjo, baprista ba yona ba rutela ho newa moputso, baporofeta ba yona ba porofetela tjhelete; ho le jwalo, ba tshepile Morena, ba re: “Ha re re Morena o teng kahara rona? Ha ho koduwa e ka ba re wela hodimo!”


Ke sitetswe Morena, ke entse sebe, kahoo kgalefo ya Morena ke tla e mamella, ke e mamelle ho fihlela a ntwanela, a ntwanela, a nnea tokelo ya ka. Morena o tla nkisa, a nkise kganyeng ya hae, teng ke bone ho loka ha hae.


O etsetsang hore ke bone mahlomola, ke bone tshenyeho, le dikgoka ke di bone? Kahohle ke dintwa le ditsekisano feela.


“Lona tjhaba se hlabisang dihlong, phuthehang, le kgobokane,


Masalla a Iseraele a ke ke a etsa bokgopo, leha e le hona ho bua mashano; a ke ke a thetsa ka maleme a wona. Masalla ao a tla fula, a bothe, ho se na ya ka hlolang a a tshosa.”


Morena o fedisitse kahlolo ya hao, o timeditse le tsona dira tsa hao. Morena, Kgosi ya Iseraele, o na le wena, ha o ka ke wa tshoha koduwa.


Morena Modimo wa hao, o na le wena, ke senatlahadi se tla o lwanela. O tla o thabela ka nyakallo, a o rate ka lerato la sebele, a howeletse, a o hlabele medidietsane, a e hlabe sa mohla tsatsi la mokete.”


Nna ka sebele ke tla e kopela kamahohle, ke be lerako la mollo,’ ho rialo Morena, ‘ke be tlotla kahara yona.’


Wena Moradi wa Sione nyakalla haholo! Wena Moradi wa Jerusalema etsa ditlatse! Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena; e lokile, e tlisa topollo, e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.


Ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo kwahollwa, le le patehileng le sa tlo tsejwa.


Empa ka baka la bothata ba pelo ya hao e sa bakeng, o ikekeletsa kgalefo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a tla bonahatsa kgalefo ya hae le kahlolo ya hae e lokileng.


nakong ya mamello ya hae. Le nakong ya jwale o sa bontsha ho loka ha hae; o bontsha hore yena o lokile, mme o lokafatsa ya dumelang ho Jesu.


Ka baka leo, le se ke la ahlola e eso be nako, Morena a eso kgutle, e leng yena ya tla senola tse lefifing, a pepese merero ya dipelo tsa batho. Ke moo e mong le e mong a tla fumana thoriso e mo lokelang ho Modimo.


Morena Modimo wa hao, o tsamaya le wena hara diahelo ho o sireletsa, le ho neelana ka dira tsa hao matsohong a hao. Diahelo tsa hao eka kgona di halalele, esere Morena a bona ho hong hara lona ho silafetseng, mme a le furalla.”


“Yena ke Lefika, mosebetsi wa hae o hloka kodi, ditsela tsohle tsa hae di na le toka; ke Modimo ya tshepahalang, ya se nang bokgopo; o lokile, mme o nepa kamehla.


Haeba le rapela Modimo e le Ntata lona, yena ya ahlolang motho ka mong ka ho ya ka mesebetsi ya hae, a sa ye ka tshobotsi, eka kgona le phele ka tshabo nakong ya bojaki ba lona mona lefatsheng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos