Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sofonia 3:6 - BIBELE

6 “Matjhaba wohle ke a timeditse, qhobosheane tsa wona ka di heletsa. Diterata tsa wona di setse feela, ha ho le ya mong ya tsamayang ho tsona. Metse ya tsona yohle e ripitlilwe, ha ho sa na le motho, ha ho sa na moahi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ke timeditse ditjhaba, marako a tsona a helehile; ke sentse mmila ya tsona; ho bile ho se ho se ya tsamayang teng, metse ya tsona e senyehile, ho bile ho se ho se le motho teng, ha ho sa le ya ka ahang teng.

Ver Capítulo Copiar




Sofonia 3:6
19 Referencias Cruzadas  

Morero ona ke o etseditsweng lefatshe lohle, lena ke letsoho le phahamiseditsweng ditjhaba tsohle.”


Lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.


Yaba ke re: “Morena, e tla ba ho fihlela neng?” Morena a araba, a re: “Ho fihlela metse e fetoha dithako, e sala e se na baahi, matlo a sala a le feela, naha e senngwa, e fetoha nahathothe;


“Monna ya bohlale, ya ka utlwisisang tsee ke ofe? Eo Morena a mo rutileng ho di hlalosa ke mang? Ke ka baka lang ha naha e fetohile nanaola, e omeletse sa lehwatata le ke keng la tsamauwa?”


Ke tla fetola metse ya lona masupi, ke falatse dibaka tsa lona tsa borapedi, ke se ke ka amohela monko o monate wa ditjheso tsa lona.


Le madimabe lona ba ahileng bopong la lewatle, le madimabe lona tjhaba sa Bakerete! Morena ke yena ya o qosang, wena Kanana, naha ya Bafilesita, ke tla o ripitla, ho be ho hlokwe le masalla.


‘Ka sefefo ke ile ka ba qhalanyetsa dinaheng disele, moo ba sa tsejweng. Ba siya naha ya bona e le nanaola, e se na baahi. Naha ya bona e ntle ya fetoha nanaola jwalo.’ ”


Bonang, ntlo ya lona e tla sala e le dithako.


Jwale tsena di ile tsa etsahala ho bona, hore e be mohlala, mme tsa ngollwa rona ho re hlokomedisa, rona bao mehla ya bofelo e re fihletseng.


Tsena di etsahetse hore e be mohlala ho rona, hore re se ke ra lakatsa tse kgopo, jwalokaha ba ne ba di lakatsa.


Ke le abetse naha ya ditjhaba tsena tse sa ntsaneng di setse, le ya ditjhaba tsohle tseo ke di ripitlileng ho tloha Jorodane, ho ya fihla Lewatleng le Leholo, nqa bophirimela, hore e be lefa la lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos