Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sofonia 3:7 - BIBELE

7 Ka na ka bua ho baahi ba motse, ka re: ‘Ruri le sa tla be le ntlhomphe, le qetelle le mametse kgalemo ya ka, e le hore leaho la lona le se ripitlwe, le kahlolo tsa ka di se le wele hodimo.’ Empa ba nna ba hahamala, ba hahamala ho ya pele, ba eketsa ketso tse bodileng tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ke ne ke itse: Feela o ntshabe, o amohele kgalemelo! ... Hoja o ka etsa jwalo, bodulo ba wona bo ka be bo sa tlo fediswa, ka tsohle tseo ke di laetseng hodima wona; empa ba tsohetse ho senya diketso tsa bona kaofela.

Ver Capítulo Copiar




Sofonia 3:7
25 Referencias Cruzadas  

Modimo a bona hore lefatshe le bodile, batho bohle ba itshilafaditse.


Ka baka leo, Morena a romela balaodi ba mabotho a kgosi ya Asiria, ba thopa Manase, ba mo kenya kgwathatha, ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ba mo isa Babilona.


O etsa hore ba mamele kgalemelo ya hae, a ba laele hore ba furalle bokgopo.


Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela; ke tla o eletsa, ke o bee leihlo.


Sekehela keletso tsebe, o mamele ditaelo, e le hore qetellong o tle o hlalefe.


Nkabe ke etseditse tshimo ya ka eng, ho feta seo ke e etseditseng sona? Ha ke ne ke lebeletse hore e behe morara o monate, ho tlile jwang hore e behe morara wa hlahlaane?


“Ruri ke tjhaba sa ka,” ho rialo Morena, “bana ba ka ba ke keng ba bua leshano;” kahoo ya eba yena Mopholosi, Mopholosi wa bona,


Feela ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe; ba ile ba satalatsa melala ya bona, hore ba se ke ba utlwa kapa hona ho ithuta.


Baporofeta ba ile ba re: ‘Jwale motho ka mong a kgelohe ditsela tsa hae tse kgopo, a furalle diketso tsa hae tse kgopo, a phele naheng eo Morena a e neileng lona le bo-ntata lona kamehla yohle.


Mohlomong ba morabe wa Juda ba tla utlwa dikoduwa tsohle tseo ke rerileng ho ba dihela tsona, mme motho ka mong a bake mekgweng ya hae e mebe, ebe ke ba tshwarela bokgopo ba bona le sebe sa bona.”


Yaba Jeremia o re ho Sedekiya: “Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ha o ka fela wa ya ineela ho mahosana a kgosi ya Babilona, o tla phela, le motse ona ha o na ho tjheswa ka mollo. Wena le ba ntlo ya hao le tla phela.


Itlhokomele ke hona, wena Jerusalema, esere lerato leo ke o ratang ka lona la mphella, ka o fetola nanaola, naha e hlokang baahi.”


ke tla etsa hore le ahe sebakeng sena, naheng eo ke neng ke e nee baholoholo ba lona, hore e be ya bona kamehla yohle.


Ke ba utlwile, ka ba sekehela tsebe, empa ha ba bue letho le nepahetseng. Ha ho motho ya bakelang bokgopo ba hae, ya reng: “Ke entse eng?” Motho ka mong o inketse tsela ya hae, jwaloka pere e itukubetsang ntweng.


Ba tetebetse hara qhafutso ya bokgopo, ba tetebetse sa mehleng ya Gibea. Morena o tla hopola bokgopo ba bona, ebe o ba otlela dibe tsa bona.


Motse ona ha o mamele keletso, kgalemelo le yona ha o e amohele; esita le Morena ha o mo tshepe, ha o ikatametse ho Modimo wa wona.


Le se ke la itshilafatsa, la iketsetsa setshwantsho se betlilweng, se ka bang le sebopeho sefe kapa sefe, se tshwanang le monna kapa mosadi.


Sepheo sa taelo ena ke ho ba isa leratong le tswang pelong e hlwekileng, le letswalong le kgutsitseng, le tumelong e se nang boikaketsi.


Morena ha a diehe ho phethahatsa ditshepiso tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hore o a dieha. Empa o a le mamella, hobane ha a rate ha ho ka timela leha a le mong, empa o rata hore bohle ba bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos