Kapele ho tsona ho ne ho eme baholo ba ntlo ya Iseraele ba mashome a supileng, mme Jaasaneya, mora wa Shafane, a eme hara bona, e mong le e mong wa bona a tshwere pitsana ya mokubetso, ho foqoha mosi wa mokubetso o entse leru.
Luka 10:1 - BIBELE Kamora tsena Morena a kgetha ba bang ba mashome a supileng a metso e mmedi, a ba roma ka bobedi ho mo etella pele motseng o mong le o mong le sebakeng se seng le se seng moo a neng a hopotse ho ya teng. Sesotho 1909/1961 (SO) Kamora taba tseo, Morena a boela a bea ba bang ba mashome a supileng, mme a ba roma ka bobedi, hore ba mo etelle pele metseng yohle, le nqalong tsohle moo yena a neng a tla ya teng. Baasraak Sotho NT Kamora tseo, Morena a bea ba bang ba mashome a supileng, mme a ba roma ka bobedi, hore ba mo etelle pele metseng yohle le nqalong tsohle moo yena a neng a tla ya teng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Kamora tseo, Morena a bea ba bang ba mashome a supileng, mme a ba roma ka bobedi, hore ba mo etelle pele metseng yohle le nqalong tsohle moo yena a neng a tla ya teng. |
Kapele ho tsona ho ne ho eme baholo ba ntlo ya Iseraele ba mashome a supileng, mme Jaasaneya, mora wa Shafane, a eme hara bona, e mong le e mong wa bona a tshwere pitsana ya mokubetso, ho foqoha mosi wa mokubetso o entse leru.
Morena a re ho Moshe: “Ntlisetse banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo ba setjhaba sa Iseraele, bao o tsebang hore ke baholo le baokamedi ba setjhaba sa Iseraele. O ba tlise ka Tenteng ya Morena, ba eme teng hammoho le wena.
O tla etella Morena pele ka moya le ka matla a kang a Elia, ho boelanya dipelo tsa bo-ntata le bana ba bona, le ba sa utlweng, maikutlong a ba lokileng, ho lokisetsa Morena setjhaba se mo lokelang.”
Wena, ngwana o tla bitswa moporofeta wa Ya Hodimodimo, hobane o tla etella Morena pele ho lokisa ditsela tsa hae,
mme a roma baromuwa ho mo etella pele. Ba kena motseng o mong wa Basamaria ho mo lokisetsa.