Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 7:19 - BIBELE

19 a ba roma ho Morena, ho ya re: “Na ke wena ya tla tla, kapa re lebelle e mong?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Yaba Johanne o bitsa barutuwa ba hae ba babedi, a ba romela ho Jesu, a re: Na ke wena ya boletsweng, ho thwe, o tla tla, kapa re sa lebeletse e mong na?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 Jwale Johanne a bitsa barutuwa ba hae ba babedi, a ba roma ho Jesu, ba re: “Na ke wena ya tlang ho tla? kapa re batla e mong?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Jwale Johanne a bitsa barutuwa ba hae ba babedi, a ba roma ho Jesu, ba re: “Na ke wena ya tlang ho tla? kapa re batla e mong?

Ver Capítulo Copiar




Luka 7:19
38 Referencias Cruzadas  

Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao, hobane o mametse lentswe la ka.’ ”


Ke tla hlahisa bora pakeng tsa hao le mosadi, le pakeng tsa madinyane a hao le bana ba hae. Bana ba hae ba tla kgoba hlooho ya hao; wena o tla ba loma serethe.”


Lere la bokgosi le ke ke la tloha ho Juda, le lere la bolaodi ho ditloholo tsa hae, ho fihlela monga lona a fihla, yena eo ditjhaba di tla mo mamela.


Lehlomela le tla hloma, le hlome kutung ya Jese, kala le tswang mothapong wa hae le behe ditholwana.


Ka baka lena, Morena ke yena ya tla le etsetsa sesupo. Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emanuele.


“Ha e le wena Betlelehema Eferata, leha o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla tswa mmusi wa Iseraele, eo leloko la hae le qalehileng kgale, la qaleha mehleng ya baholoholo.”


Ke tla sisinya ditjhaba tsohle, mme matlotlo a ditjhaba kaofela a tla tliswa ka Tempeleng, e be e tlale tlotla ya ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Wena Moradi wa Sione nyakalla haholo! Wena Moradi wa Jerusalema etsa ditlatse! Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena; e lokile, e tlisa topollo, e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.


Ha e le lona ba hlomphang lebitso la ka, letsatsi la ho loka le tla le tjhabela ka mahlasedi a lona a fodisang. Lona le tla tswa, le thale jwaloka manamane a buletsweng ka sakeng.


Yaba o bitsa ba leshome le metso e mmedi, a qala ho ba roma ka bobedi, a ba nea matla hodima meya e ditshila.


Kamora tsena Morena a kgetha ba bang ba mashome a supileng a metso e mmedi, a ba roma ka bobedi ho mo etella pele motseng o mong le o mong le sebakeng se seng le se seng moo a neng a hopotse ho ya teng.


Yare hoba Jesu a qete ho rapela a le sebakeng se seng, morutuwa e mong wa hae a re ho yena: “Morena, re rute ho rapela, jwalokaha Johanne a rutile barutuwa ba hae.”


Morena a re ho yena: “Lona, Bafarisi, le hlwekisa bokantle ba senwelo le ba mohope, empa bokahare ba lona bo tletse meharo le bokgopo.


Morena a re: “Ke ofe mookamedi ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a tla mmea hodima basebeletsi ba hae ho ba fa seabo sa dijo ka nako e lokelang?


Empa Morena a mo araba, a re: “Baikaketsi ting, na e mong le e mong wa lona ha a ke a lokolla pholo ya hae kapa tonki sejelong ka Sabatha, a e ise ho ya nwa na?


Baapostola ba re ho Morena: “Re ekeletse tumelo.”


Morena a re: “Hojane le na le tumelo e kaalo ka tlhaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate sena sa monokotshwai: ‘Iphothole, o itlhome lewatleng,’ mme se ne se ka le mamela.


Yaba Morena o re: “Utlwang seo moahlodi ya sa lokang a se bolelang.


Sakiya a ema, a re ho Morena: “Bona, Morena, maruo a ka ke a arolela mafutsana ka lehare, mme eo ke mo amohileng ho hong ka mano ke mmuseletsa hona hane.”


Yaba Morena o a reteleha, o tadima Petrose, mme Petrose a hopola polelo ya Morena, kamoo a ileng a re ho yena kateng: “Kajeno, pele mokoko o lla, o tla be o se o ntatotse hararo.”


ba bile ba bolela hore Morena o fela a tsohile, mme o iponahaditse ho Simone.


Yare ha Morena a bona mma mofu, a mo utlwela bohloko, mme a re ho yena: “Se lle!”


Yare hoba banna bao ba fihle ho yena, ba re: “Johanne Mokolobetsi o re romile ho wena, a re: ‘Na ke wena ya tla tla, kapa re lebelle e mong?’ ”


E ne e le Maria ya neng a tlotse Morena ka setlolo, mme a hlakola maoto a hae ka moriri wa hae, eo kgaitsedi ya hae, Lasaro, a neng a kula.


Jesu a tseba hore Bafarisi ba utlwile hore o a hapa, mme o kolobetsa barutuwa ba bangata ho feta Johanne.


Mosadi a re ho yena: “Ke a tseba hore Mesia, ya bitswang Kreste, o a tla; mohla a tlang, o tla re bolella dintho tsohle.”


Ha fihla dikepe tse ding tse tswang Tiberiase, haufi le sebaka seo ba neng ba jelle bohobe ho sona, hoba Morena a etse thapelo ya teboho.


Ha ba le Shitime, Joshua, mora wa Nune, a roma banna ba babedi ba dihlwela, ka lekunutu, a re ho bona: “Eyang, le yo hlahloba naha le motse wa Jeriko.” Banna bao ba babedi ba ya, ba fihla ka tlung ya mosadi wa seotswa, ya bitswang Rahaba, mme ba robaletsa teng.


Ke tla romela dipaki tsa ka tse pedi, di apere diaparo tse mahwashe, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a tsheletseng.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos