Luka 1:53 - BIBELE a kgorisa ba lapileng ka tse molemo, a kgutlisa ba ruileng ba se na letho, Sesotho 1909/1961 (SO) ba lapileng o ba kgorisitse molemo, mme ba ruileng o ba kgutlisitse ba le feela; Baasraak Sotho NT O khorisitse ba lapileng ka tse molemo; mme barui a ba kgutlisa ba le feela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 O khorisitse ba lapileng ka tse molemo; mme barui a ba kgutlisa ba le feela. |
Ke tla se medisetsa dijalo tsa bohlokwa; se ke ke sa hlola se bolawa ke tlala naheng eo ya sona, mme ha se sa tla jara sekgobo sa baditjhaba.
Ho lehlohonolo lona ba lapileng jwale, hobane le tla kgoriswa. Ho lehlohonolo lona ba llang jwale, hobane le tla tsheha.
Jesu a re ho bona: “Ke nna bohobe ba bophelo; ya tlang ho nna ha a ka ke a lapa le ka mohla, mme ya dumelang ho nna ha a ka ke a nyorwa le ka mohla.
Jwale, bana beso, hopolang hore na le ne le le jwang mohla Modimo a le bitsang. Ho ya ka botho feela, ho ne ho se ba bangata ba lona ba bohlale, ba matla kapa ba madi a borena.
Le se le ena le tsohle! Le se le ruile! Le renne le le bang! Hoja le fela le rena, le rona re tle re rene le lona!
Ba neng ba kgora, ba sebeletsa bohobe, ba neng ba lapa ba a kgora; e, nyopa e tswetse bana ba supile, ya belehileng haholo o setse a itlhophere.