Masea a ne a rahana ka popelong ya hae; yaba o re: “Haeba ho tjee, ekaba ke phelela eng?” A ya botsa Morena,
Luka 1:41 - BIBELE Eitse ha Elisabetha a utlwa tumediso ya Maria, lesea la tlola ka popelong ya Elisabetha, mme a tlala Moya o Halalelang. Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse Elisabetha ha a utlwa tumediso ya Maria, ngwana a hlasimoloha popelong ya hae. Yaba Elisabetha o tlala Moya o Halalelang, Baasraak Sotho NT Eitse ha Elisabetha a utlwa tumediso ya Maria, lesea le ka popelong ya hae la tlola. mme Elisabetha a tlala Moya o Halalelang; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha Elisabetha a utlwa tumediso ya Maria, lesea le ka popelong ya hae la tlola mme Elisabetha a tlala Moya o Halalelang; |
Masea a ne a rahana ka popelong ya hae; yaba o re: “Haeba ho tjee, ekaba ke phelela eng?” A ya botsa Morena,
Athe ke wena ya nntshitseng popelong ya mme, wa etsa hore mme a ntshike sefubeng sa hae;
hobane o tla ba moholo pela Morena; ha a ka ke a nwa veine leha e le seno se tahang, mme o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae.
A bua ka lentswe le phahameng, a re: “O lehlohonolo hara basadi, ho lehlohonolo le tholwana ya popelo ya hao!
Bona, ha lentswe la hao la tumediso le fihla ditsebeng tsa ka, lesea le ile la tlola ke nyakallo ka popelong ya ka.
Jwale Jesu a kgutla nokeng ya Jorodane a tletse Moya o Halalelang, a tsamaiswa ke Moya feelleng,
Bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o neng o ba buisa kateng.
Jwale Petrose, a tletse Moya o Halalelang, a ba araba, a re: “Babusi ba setjhaba le baholo,
Ka baka leo, bana beso, kgethang banna ba supileng hara lona, ba botumo bo botle, ba tletseng Moya o Halalelang le bohlale, bao re tla ba nea mosebetsi ona,
Empa kaha a ne a tletse Moya o Halalelang, a tadima lehodimong, a bona kganya ya Modimo, le Jesu a eme ka letsohong le letona la Modimo,
Ananiase a ya, a kena ka tlung eo, a mmea matsoho, a re: “Saule ngwaneso, Morena, e leng Jesu ya ileng a iponahatsa ho wena tseleng eo o neng o etla ka yona, o nthomile hore o tle o boele o bone, o be o tlale Moya o Halalelang.”
Ka letsatsi la Morena, ka tlalwa ke Moya wa Modimo, mme kamora ka ka utlwa lentswe le phahameng, le kang modumo wa terompeta,