Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 5:18 - BIBELE

18 Se tahweng ke jwala bo le isang boitahlong, le mpe le tlale Moya o Halalelang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Mme le se ke la tahwa ke veine, hobane bohlola bo teng ho yona; le mpe le tlale Moya.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Le se ke la tahwa ke veine, moo bohlola bo leng teng; le mpe le tlale Moya;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Le se ke la tahwa ke veine, moo bohlola bo leng teng; le mpe le tlale Moya;

Ver Capítulo Copiar




Baefese 5:18
33 Referencias Cruzadas  

A nwa veine, a tahwa, a robala ka tenteng a sa tena.


Ha ke apara tse mahwashe, eba ke fetoha pale ho bona.


Veine ke moikakasi, jwala bo baka lerata, ya kgeloswang ke tsona o hloka bohlale.


Nkuke ke ye le wena, re mathe mmoho, kgosi e nkise kamoreng ya yona. Re tla didietsa, re o nyakallele, re rorise rato la hao ho feta veine. Ba nepile hakaakang ha ba o duma hakaale!


molomo wa hao o ke veine e monate. A veine e lelemelle ho moratuwa, e theohele molomong le menong a hae.


Thabeng ena Morena wa mabotho o tla etsa mokete, a etsetse tjhaba tsohle mokete wa dimonate, a o etse ka veine e ritelehile, dijo di le monate, veine e ritelehile.


Ho madimabe ba reng ha ba hlolwe ke jwala, ba reng ba tseba haholo ho tswaka dino;


“Lona bohle ba nyorilweng, tloong le nwe metsi, le lona ba se nang tjhelete, tloong le reke dijo, le je! Tloong le ithekele veine, le ithekele le lebese, le di reke le se na tjhelete, le sa lefe letho.


“Ha le kena ka Tenteng ya Morena, wena, le bara ba hao, le se ke la nwa veine kapa jwala, esere la shwa. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona.


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le hlwekisa bokantle ba mohope le sejana, empa kahare di tletse tsa boshodu le ho hloka boitshwaro.


ebe o qala ho otla balekane ba hae ba bohlanka, mme a je, a nwe le matahwa.


hobane o tla ba moholo pela Morena; ha a ka ke a nwa veine leha e le seno se tahang, mme o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae.


Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fa bana ba lona dimpho tse molemo, Ntate ya lehodimong o tla fana haholo hakaakang ka Moya o Halalelang ho ba mo kopang!”


Empa ha mohlanka eo a re ka pelong ya hae: ‘Monga ka o dieha ho fihla,’ ebe o qala ho otla bahlanka le makgabunyane, le ho ja, le ho nwa, le ho tahwa,


“Itlhokomeleng, esere mohlomong dipelo tsa lona tsa imelwa ke botlofa le botahwa, le matshwenyeho a bophelo bona, mme letsatsi lela la le tsometsa,


a re ho yena: “Batho bohle ba ye ba qale ka veine e monate pele, mme ha bamemuwa ba se ba nwele, ba tlise e mpe; wena o bolokile veine e monate ho fihlela jwale.”


kahobane e ne e le monna ya molemo, ya tletseng Moya o Halalelang le tumelo. Yaba letshwelehadi le sokolohela ho Morena.


A re pheleng ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha e ka ke motsheare, e seng ka bonyollo le ka botahwa, e seng ka bohlola le ka diketso tse manyala, e seng ka dikgang le ka mohono.


hobane ha le le dijong, e mong le e mong o potlakela ho itjella tsa hae, e mong a lape, e mong a tahwe.


Empa seo ke neng ke se bolela ke hore le se ke la tlwaelana le motho ya ipitsang modumedi, feela e le sehlola, kapa setlofa, kapa mosebeletsi wa medimo ya bohata, kapa motho ya ditlhapa, kapa letahwa, kapa senokwane. Le se ke la ba la ja le wa mofuta oo.


le mashodu, le ditlofa, le matahwa, le ba ditlhapa, le dinokwane, ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo.


Ba re ho baholo ba motse: ‘Mora enwa wa rona o manganga, ha a utlwe ditaelo, ha a re mamele. Ke monyollo le letahwa.’


Ba robalang ba robala bosiu, le ba tahwang ba tahwa bosiu.


E mong le e mong wa bona e be motho ya sa nyatseheng, monna ya nang le mosadi a le mong; bana ba hae e be badumedi, e se be batho ba hlaha, ba sa mameleng ho hang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos