Bara ba Jakobo ba arabela Shekeme le ntatae Hamore ka mano, hobane o ne a ile a silafatsa kgaitsedi ya bona, Dina.
Joshua 9:4 - BIBELE ba loha mano. Ba tsamaya ba ikgakantse jwalokaha eka ke baromuwa, ba bofa mekotla e tsofetseng ditonking tsa bona, le makuka a tsofetseng a veine, a seng a ile a phatloha, a ba a rokwa. Sesotho 1909/1961 (SO) le bona ba etsa ka mano; ba ya ba nkile sebopeho sa manqosa, ba bofile mekotla e tsofetseng dieseleng tsa bona, le makuka a veine a tsofetseng, a hahohileng, a pharehetsweng; |
Bara ba Jakobo ba arabela Shekeme le ntatae Hamore ka mano, hobane o ne a ile a silafatsa kgaitsedi ya bona, Dina.
“Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri; ha ho le jwalo le be masene jwaloka dinoha, mme le hloke mano jwaloka maeba.
Hape ha ho motho ya ka tshelang veine e ntjha makukeng a kgale, esere mohlomong makuka a phatloha, veine ya qhaleha, le wona makuka a senyeha, empa o ye a tshele veine e ntjha makukeng a matjha, mme bobedi ba tsona di bolokehe.”
Ha ho motho ya tshelang veine e ntjha makukeng a kgale; esere veine ya phatlola makuka, mme veine le makuka tsa senyeha. Empa veine e ntjha e tshwelwa makukeng a matjha!”
“Monga hae a rorisa mookamedi eo ya sa tshepahaleng, kaha a sebeditse ka masene, hobane bana ba lefatshe, molokong wa bona, ba masene ho feta bana ba lesedi.
Bohobe bona ba rona bo ne bo sa tjhesa ha re bo nka malapeng a rona, re etsa mofao, mohla letsatsi leo ka lona re neng re kena leetong la ho tla ho wena, empa jwale ako bone: Bo se bo le dikokotwana, bo le hlobo.
Makuka ana a veine a ne a le matjha ha re a tlatsa, empa jwale ako bone: A se a phatlohile. Diaparo tsena tsa rona, le meqathatso ena ya rona, di se di tsofetse ka baka la ho tsamaya leeto le lelelele hakana.”
Ba rwala meqathatso e tsofetseng, e seng e rokilwe. Diaparo tsa bona e ne e le tse namphaneng; ba nkile mofao wa bohobe bo dikokotwana, bo hlobo.