Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 9:5 - BIBELE

5 Ba rwala meqathatso e tsofetseng, e seng e rokilwe. Diaparo tsa bona e ne e le tse namphaneng; ba nkile mofao wa bohobe bo dikokotwana, bo hlobo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 maotong ba rwetse dieta tsa kgale, tse pharehetsweng ka ditsiba, ba apere diaparo tse tsofetseng; le mahobe wohle a mofaho wa bona a ne a omeletse, a bodile.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 9:5
7 Referencias Cruzadas  

“Empa ntatae a re ho bahlanka ba hae: ‘Phakisang le tlise seaparo se setlesetle, le mo apesa sona, le mo rwese lesale monwaneng, le meqathatso maotong.


Ka dilemo tse mashome a mane ke ile ka le etella pele lehwatateng, empa diaparo tsa lona ha di a ka tsa taboha, le dieta tsa lona ha di a ka tsa fela.


Mekwallo ya hae e be ya tshepe le ya lethose, matla a boqhekung a tshwane le a botjheng ba hae.’


Bohobe bona ba rona bo ne bo sa tjhesa ha re bo nka malapeng a rona, re etsa mofao, mohla letsatsi leo ka lona re neng re kena leetong la ho tla ho wena, empa jwale ako bone: Bo se bo le dikokotwana, bo le hlobo.


Makuka ana a veine a ne a le matjha ha re a tlatsa, empa jwale ako bone: A se a phatlohile. Diaparo tsena tsa rona, le meqathatso ena ya rona, di se di tsofetse ka baka la ho tsamaya leeto le lelelele hakana.”


ba loha mano. Ba tsamaya ba ikgakantse jwalokaha eka ke baromuwa, ba bofa mekotla e tsofetseng ditonking tsa bona, le makuka a tsofetseng a veine, a seng a ile a phatloha, a ba a rokwa.


Ba fihla ho Joshua, diahelong tsa hae, Gilegale, ba re ho yena le ho banna ba Iseraele: “Re tswa naheng e hole, mme re kopa hore o etse selekane le rona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos