Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 9:4 - BIBELE

4 ba loha mano. Ba tsamaya ba ikgakantse jwalokaha eka ke baromuwa, ba bofa mekotla e tsofetseng ditonking tsa bona, le makuka a tsofetseng a veine, a seng a ile a phatloha, a ba a rokwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 le bona ba etsa ka mano; ba ya ba nkile sebopeho sa manqosa, ba bofile mekotla e tsofetseng dieseleng tsa bona, le makuka a veine a tsofetseng, a hahohileng, a pharehetsweng;

Ver Capítulo Copiar




Joshua 9:4
12 Referencias Cruzadas  

Bara ba Jakobo ba arabela Shekeme le ntatae Hamore ka mano, hobane o ne a ile a silafatsa kgaitsedi ya bona, Dina.


Le hoja ke le jwaloka lekuka, lekuka le ka mosing, ha ke a lebala thato ya hao.


“Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri; ha ho le jwalo le be masene jwaloka dinoha, mme le hloke mano jwaloka maeba.


Hape ha ho motho ya ka tshelang veine e ntjha makukeng a kgale, esere mohlomong makuka a phatloha, veine ya qhaleha, le wona makuka a senyeha, empa o ye a tshele veine e ntjha makukeng a matjha, mme bobedi ba tsona di bolokehe.”


Ha ho motho ya tshelang veine e ntjha makukeng a kgale; esere veine ya phatlola makuka, mme veine le makuka tsa senyeha. Empa veine e ntjha e tshwelwa makukeng a matjha!”


“Monga hae a rorisa mookamedi eo ya sa tshepahaleng, kaha a sebeditse ka masene, hobane bana ba lefatshe, molokong wa bona, ba masene ho feta bana ba lesedi.


Bohobe bona ba rona bo ne bo sa tjhesa ha re bo nka malapeng a rona, re etsa mofao, mohla letsatsi leo ka lona re neng re kena leetong la ho tla ho wena, empa jwale ako bone: Bo se bo le dikokotwana, bo le hlobo.


Makuka ana a veine a ne a le matjha ha re a tlatsa, empa jwale ako bone: A se a phatlohile. Diaparo tsena tsa rona, le meqathatso ena ya rona, di se di tsofetse ka baka la ho tsamaya leeto le lelelele hakana.”


Empa ha baahi ba Gibeone ba utlwa seo Joshua a se entseng Jeriko, le Ai,


Ba rwala meqathatso e tsofetseng, e seng e rokilwe. Diaparo tsa bona e ne e le tse namphaneng; ba nkile mofao wa bohobe bo dikokotwana, bo hlobo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos