Aborame a re ho Sarai: “Lekgoba leo la mosadi le matsohong a hao; etsa kamoo o ratang kateng ka lona.” Sarai a le hlorisa haholo, hoo le bileng la baleha.
Joshua 9:25 - BIBELE Bona mona, re matsohong a hao, seo o bonang hore se lokile, wena o re etse sona.” Sesotho 1909/1961 (SO) O ka bona jwale, re matsohong a hao; etsa ka rona ka mohau le ka ho loka, kamoo o lekanyang kateng. |
Aborame a re ho Sarai: “Lekgoba leo la mosadi le matsohong a hao; etsa kamoo o ratang kateng ka lona.” Sarai a le hlorisa haholo, hoo le bileng la baleha.
Empa haeba Morena a ka re: ‘Ha o nkgahle,’ bona, ke nna enwa, a nketse seo a bonang se lokile.”
Davida a re ho Gade: “Ke tlaletswe haholo! Ho ena le ho wela diatleng tsa motho, re ka mpa ra wela diatleng tsa Morena, hobane mohau wa hae o moholo.”
Mookamedi wa lelapa la kgosi, le mmusi wa motse, le baholo ba setjhaba, le bahodisi ba bana ba Akabe, ba romela molaetsa ho Jehu, ba re: “Re bahlanka ba hao, mme re tla etsa tsohle tseo o tla re laela tsona. Ha re ka ke ra bea kgosi e nngwe; wena etsa seo o bonang se lokile.”
“Ke ne ke halefetse setjhaba sa ka, ka hlompholla lefa la ka; ka neelana ka sona matsohong a hao, mme wena wa se hlokela mohau. Esita le maqheku ao e se le mobu, wa a belesa joko e boimahadi.
Ha e le nna ke matsohong a lona: Etsang ka nna seo lona le bonang se le molemo, mme se lokela.
Kgosi Sedekiya a re: “Ke eo, o matsohong a lona. Ha ho letho leo nna nka le etsang haeba lona le sa rate.”
Joshua a etsa jwalo, a ba lopolla matsohong a bana ba Iseraele, mme bona ba se ke ba ba bolaya.
Empa bana ba Iseraele ba re ho Morena: “Re sitilwe. Wena o re etse eng kapa eng eo o bonang e lokela, ha feela o ka mpa wa re namolela ka letsatsi lena, re a o rapela.”
Gideone a fihla ho banna ba Sukote, a re ho bona: “Bonang bo-Seba le Salemuna, bao le ileng la nnyedisa ka bona, la re: ‘Na bo-Seba le Salemuna o se o ba tshwere, hoo re ka fang banna ba hao, ba kgathetseng, bohobe?’ ”
Samuele a mmolella tsohle, a se ke a mo patela letho. Eli a re: “Eo he, ke Morena. Ha a ke a etse seo a bonang se lokile mahlong a hae.”