Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 9:24 - BIBELE

24 Ba araba Joshua, ba re: “Bahlanka ba hao ba ile ba bolellwa kamoo Morena Modimo wa lona, a ileng a laela Moshe, mohlanka wa hae, hore a le nee naha ena yohle, mme le bolaye baahi ba yona ba kapele ho lona. Ka baka leo, re ile ra tshaba hore le tla re bolaya, mme ke ka hona re entseng hona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ba fetola Joshua, ba re: Ka baka la hobane bahlanka ba hao ba ne ba boleletswe haholo kamoo Jehova, Modimo wa hao, a laetseng mohlanka wa hae Moshe kateng, hore le neelwe lefatshe lohle, mme le timetse pela lona bohle ba ahileng lefatsheng lena; ke kahoo re tshabaneng haholo le bophelo ba rona, ka ho le tshaba, mme ra etsa jwalo.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 9:24
14 Referencias Cruzadas  

Satane a araba Morena, a re: “Letlalo ke thebe ya pelo! Motho a ka tela tsohle tseo a nang le tsona, hore a ipholose.


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.


A tshoha haholo, hobane Gibeone e ne e le motse o moholo, o kang o mong wa metse ya moreneng, mme o le moholo ho feta Ai, le banna bohle ba wona e le dinatla.


Ha re utlwa hoo, dipelo tsa rona di ile tsa nyahama, mme banna bohle ba se ke ba hlola ba eba le sebete, ka baka la ho le tshaba, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena Modimo ya hodimo, lehodimong, le ya tlase, lefatsheng.


A re ho banna bao: “Ke a tseba hore Morena o le neile naha ena, le hore rona re a le tshaba, le hore baahi bohle ba naha ena le ba nyahamisitse dipelo.


Tsohle tse neng di le kahara motse ba di ripitla ho hang ka sabole: banna le basadi, batjha le maqheku, le kgomo, le nku, le tonki.


Ba mo araba, ba re: “Bahlanka ba hao ba tswa naheng e hole, ka baka la lebitso la Morena Modimo wa lona, hobane re utlwile botumo ba hae, le tsohle tseo a di entseng Egepeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos