La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joshua 8:28 - BIBELE

Joshua a tjhesa motse wa Ai, a o etsa ditututswana tsa masupi a kamehla yohle, mme o jwalo le kajeno-ya-bokajeno.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Joshua a tjhesa Ai jwalo a o etsa qubu ya dithako tsa kamehla; e ntse e le teng le kajeno.

Ver Capítulo



Joshua 8:28
11 Referencias Cruzadas  

“ ‘Ha o eso utlwe hore di entswe ke nna kgalekgale? Ka di bopa mehleng ya boholoholo? Jwale, ke nna ya entseng hore o be teng, o tlo timetsa metse e haheleditsweng, o e timetse, e be masupi.


Bona ke boporofeta malebana le Damaseka: “Damaseka ha e sa tla hlola e eba motse, Damaseka e tla ba qubu ya masupi feela.


Wena o fetotse motse qubu ya majwe, motse o haheleditsweng wa o fetola lesupi, motse wa bokgosi wa baditjhaba ha e sa le motse, le ho tsoswa o ke ke wa hlola o tsoswa.


Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla hlaba mokgosi, ke o hlabele Raba ya Baamone: Raba e tla fetoha qubu ya masupi, metse ya yona e tjheswe ke mollo. Jwale Baiseraele ba tla hapa naha ya bona, ba e hape ho ba neng ba e hapile pele,” ho rialo Morena.


Futuhelang Babilona le etswa hohle, disiu tsa yona le di qhaqholle; bokellang tsohle sa setha sa mabele, le di bokelle, le di senyetse ruri, le se ke la siya leha e le letho!


“Ke tla fetola Jerusalema e be masupi, ke e fetole e be selao sa diphokojwe, metse ya Juda ke e fetole nanaola, ho se be ya ka phelang ho yona.


Ka baka la lona Sione e tla lengwa, e lengwe jwalokaha tshimo e lengwa, Jerusalema e fetohe, e be masupi, thaba ya Tempele e ririellane difate.


Kgapo yohle ya wona le e bokelle lebaleng la motse. Motse oo, le kgapo yohle ya wona, le di tjhese ka mollo, e be nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena Modimo wa lona. Motse oo o tla fetoha lesupi la mehla yohle, mme o ke ke wa hlola o tsoswa.


Ho se be letho la dintho tse halalelang tseo le ka di nkang, e le hore bohale bo tshabehang ba Morena bo tle bo kokobele, a le hauhele, a le ngatafatse jwalokaha a hlapanyeditse bo-ntata lona.


Joshua a hloma majwe a leshome le metso e mmedi bohareng ba Jorodane, sebakeng seo maoto a baprista ba neng ba jere areka ya selekane a neng a eme teng, mme le kajeno-ya-bokajeno a ntse a le hona moo.


A fanyeha kgosi ya Ai sefateng, setopo sa yona sa tlohelwa moo ho fihlela mantsiboya. Ha letsatsi le dikela Joshua a laela hore setopo se fanyollwe sefateng. Ba se lahlela monyakong wa kgoro e kenang ka motseng, ba se kwahela ka qubu ya majwe. Qubu eo e ntse e le teng le kajeno-ya-bokajeno.