Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 8:29 - BIBELE

29 A fanyeha kgosi ya Ai sefateng, setopo sa yona sa tlohelwa moo ho fihlela mantsiboya. Ha letsatsi le dikela Joshua a laela hore setopo se fanyollwe sefateng. Ba se lahlela monyakong wa kgoro e kenang ka motseng, ba se kwahela ka qubu ya majwe. Qubu eo e ntse e le teng le kajeno-ya-bokajeno.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 A fanyeha morena wa Ai sefateng se seng, ya ba ya eba mantsiboya; letsatsi ha le dikela, Joshua a laela hore ba fanyolle setopo sa hae sefateng, mme sa lahlelwa pela kgoro ya motse; hodima sona ba qhobela qubuhadi ya majwe; e sa le teng le kajeno.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 8:29
14 Referencias Cruzadas  

Ba nka setopo sa Abosalome, ba se lahlela ka lemeneng le leholo, le neng le le ka morung, ba se qhobella ka majwe, ba etsa qubu e kgolo. Jwale Baiseraele bohle ba phasaphasa, motho ka mong a leba lapeng la hae.


Yaba ba fanyeha Hamane hona sefateng sona seo Hamane a neng a se etseditse Moredekai. Jwale kgalefo ya kgosi ya kokobela.


A theolela nyediso ho mahosana, a a sollisa lehwatateng moo ho seng tsela.


Morena o ka lehlakoreng la hao, hlakoreng le letona, o tla thuakanya dikgosi mohla letsatsi la kgalefo ya hae.


Erekaha e ne e le letsatsi la tlhekelo, Bajuda ba kopa Pilato hore ho rojwe meomo ya ba thakgisitsweng, mme ba tloswe, hore ditopo di se ke tsa sala sefapanong ka Sabatha, hobane letsatsi la Sabatha seo le ne le le leholo.


Hanghang lengeloi la Morena la mo otla, kahobane a sa ka a hlompha Modimo, mme a jewa ke diboko, a shwa.


Le wona motse ona Morena a neelana ka wona matsohong a bana ba Iseraele. A neelana le ka kgosi ya wona. Joshua a bolaya kgosi eo, le batho bohle ba phelang motseng oo, ka sabole, mme a se ke a siya le ya mong. Kgosi ya teng a e etsa jwalokaha a ile a etsa kgosi ya Jeriko.


Jwale Horame, kgosi ya Gesere, a phalla ho tla thusa motse wa Lakishe. Joshua a mmolaya le setjhaba sa hae, a se ke a siya le ya mong.


Ha bolawa kgosi ya Jeriko, le kgosi ya Ai e pela Bethele,


Ba kgobella majwe hodima hae, mme le kajeno-ya-bokajeno a ntse a le teng. Kgalefo e tlokomang ya Morena ya kokobela. Ke ka baka leo le kajeno-ya-bokajeno sebaka seo se ntseng se bitswa ka lebitso la Kgohlo ya Akore.


Empa kgosi ya Ai yona ba e tshwara e ntse e phela, ba e isa ho Joshua.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos