Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 8:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 A fanyeha morena wa Ai sefateng se seng, ya ba ya eba mantsiboya; letsatsi ha le dikela, Joshua a laela hore ba fanyolle setopo sa hae sefateng, mme sa lahlelwa pela kgoro ya motse; hodima sona ba qhobela qubuhadi ya majwe; e sa le teng le kajeno.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 A fanyeha kgosi ya Ai sefateng, setopo sa yona sa tlohelwa moo ho fihlela mantsiboya. Ha letsatsi le dikela Joshua a laela hore setopo se fanyollwe sefateng. Ba se lahlela monyakong wa kgoro e kenang ka motseng, ba se kwahela ka qubu ya majwe. Qubu eo e ntse e le teng le kajeno-ya-bokajeno.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 8:29
14 Referencias Cruzadas  

Ba nka Absalome, ba mo lahlela sekoting se seholo morung, mme ba mo qhobela ka qubu e kgolo haholo ya majwe. Haele Baiseraele bohle, ba balehela e mong le e mong hae tenteng ya hae.


Yaba ba fanyeha Hamane sefateng se neng se lokiseditswe Mordekai, mme kgalefo ya morena ya kokobela.


A tshollela nyediso ho marena, a a sollisa lefeelleng le sa nang tsela;


Morena, ya leng letsohong la hao le letona, o thumakanya marena ka letsatsi la kgalefo ya hae.


Bajuda ba rapela Pilato hore ba thakgisitsweng ba rojwe meomo, mme ba tloswe, hore ditopo di se ke tsa sala difapanong ka Sabatha, hobane ho ne ho hlekelwa yona, mme tsatsi leo la Sabatha e ne e le le leholo.


Empa lengeloi la Morena la phakisa la mo otla, kahobane ha a ka a busetsa letlotlo ho Modimo: a jewa ke diboko, a ba a shwa.


Jehova a o neela matsohong a Baiseraele, le yena morena wa teng; a bolaya bohle ba teng ka bohale ba lerumo, a se ke a siya motho le a mong teng, a mpa a etsa ho morena wa teng jwalokaha a ne a entse ho morena wa Jeriko.


Yaba Horame, morena wa Gesere, o tla ho tlatsa Lakishe; empa Joshua a mmolaya le batho ba hae, a se ke a mo siela motho le a mong.


Morena wa Jeriko ke e mong; e mong, ke morena wa Ai, o haufi le Bethele;


Ba etsa sefika se seholo sa majwe hodima hae; se sa le teng le kajeno. Yaba Jehova o bohla bohaleng ba ho halefa ha hae. Ka baka lena, bitso la teng la bitswa sekgutlo sa Akore (pherekanyo) ho fihlela kajeno.


mme ba ba bolaya, ho se ke ha tlola motho le a mong ya phelang, leha e le ya phonyohileng. Le morena wa Ai ba mo tshwara a sa phela, ba mo tlisa ho Joshua.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos