Jwale Nowe a hahela Morena aletare, mme a kgetha diphoofolong tsohle tse sa ileheng, le dinonyaneng tsohle tse sa ileheng, mme ka tsona a etsa sehlabelo sa setjheso aletareng.
“ ‘O tla nketsetsa aletare e bopilweng ka mobu, mme hodima yona o etsetse mahlabelo a ditjheso, le mahlabelo a hao a teboho, e leng dinku tsa hao, le dikgomo tsa hao. Dibakeng tsohle tseo ke di kgethileng, hore a nkgumamelle ho tsona, ke tla tla ho uena, ke o hlohonolofatse.
Mohla letsatsi leo ka lona le tshelang Jorodane, le kenang naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, le hlome majwe a maholo, le a dile ka phepa.