La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joshua 24:26 - BIBELE

Joshua a ngola mantswe ana Bukeng ya Molao wa Modimo. A nka lejwe le leholo, a le hloma moo, tlasa sefate sa eike, se neng se le haufi le Sehalalelo sa Morena.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Joshua a ngola taba tseo bukeng ya molao wa Modimo, a ba a nka lejwe le leholohadi, a le emisa hona teng, tlasa eike e pela sehalalelo sa Jehova.

Ver Capítulo



Joshua 24:26
10 Referencias Cruzadas  

Jakobo a nka lejwe, a hloma mokolokotwane.


Ba nea Jakobo medimo esele kaofela ha yona, le masale a neng a le ditsebeng tsa bona; tsena tsohle Jakobo a di tjhekela tlasa sefate sa eike, pela Shekeme.


Yaba Debora, mohodisi wa Rebeka, o a hlokahala; a epelwa tlasa sefate sa eike, tlase ho Bethele, mme sebaka seo sa rewa lebitso la Eike ya Dillo.


Moshe a ngola mantswe wohle a Morena. A tsoha ka madungwadungwana, a haha aletare mosikong wa thaba, a hloma difika tsa kgopotso tse leshome le metso e mmedi, ho ya ka meloko e leshome le metso e mmedi ya bana ba Iseraele.


Banna bohle ba Shekeme le ba Bethemilo ba phuthehela sefateng sa eike se Shekeme, moo ho nang le sefika, mme ba etsa Abimeleke kgosi ya bona hona teng.


Yaba Samuele o nka lejwe le le leng, o le hloma pakeng tsa Misepa le Shene, o le rea lebitso la Ebenesere, o re: “Morena o re thusitse ho fihlela mona.”