Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 24:27 - BIBELE

27 Yaba Joshua o re ho setjhaba sohle: “Bonang, lejwe lena e tla ba paki e tla re tswa, hobane le utlwile dipolelo tsohle tsa Morena, tseo a di buileng ho rona. Ka baka leo, ke paki e tla le tswa, haeba le ka latola Modimo wa lona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Joshua a ntoo re ho setjhaba kaofela: Bonang, lejwe lena e tla ba paki ho rona, etswe lejwe lena le utlwile ditaba tsohle tseo Jehova a re boleletseng tsona; e tla ba paki ho lona ke hona, esere mohlomong la latola Jehova, Modimo wa lona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 24:27
23 Referencias Cruzadas  

Ho tshaba Modimo ho ne ho nthibela, tlotla ya hae e ntshabisa ho etsa tsena.


tsena le tsona ke dibe tsa ho ahlolwa ke baahlodi, hoba Modimo ya kahodimo ke tla be ke mo latotse.


esere ha ke kgotshe yaba ke a o latola, ke re: ‘Morena ke mang?’ Kapa ka futsaneha, yaba ke a utswa, mme ka tlaela ka lebitso la Modimo wa ka.


Lona mahodimo mamelang! Wena lefatshe thea tsebe! Morena o buile, a re: “Ke otlile bana, ke ba hodisitse, empa jwale ba mphetohetse.


Ke ho sitelwa Morena le ho bua leshano, ke ho furalla Modimo wa rona, ho kgothaletsa bohatelli le bofetohedi, ho nahana leshano le ho le bua ka pelong tsa rona.


Majwe a lerako a tla hlaba mokgosi, maballo a lehong a arabele mokgosi oo.


empa le tla e ja kgwedi kaofela, ho fihlela e etswa ka dinko, e ba e le tena, hobane le lahlile Morena ya ntseng a le hara lona, la ba la lla kapele ho yena, la re: Ke ka baka lang re ileng ra tloha Egepeta?’ ”


empa ya ntatolang pela batho, le nna ke tla mo latola pela Ntate ya mahodimong.”


A araba, a re: “Ke a le bolella, haeba barutuwa bana ba ka kgutsa, majwe a tla howa.”


“Kajeno lehodimo le lefatshe ke dipaki tsa ka tsa hore ke beile kapele ho lona bophelo le lefu, tlhohonolofatso le thohako; ka baka leo, ikgetheleng bophelo, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le phele.


“Ka baka leo, ingolle sefela sena, o se rute bana ba Iseraele. Ba se tsebe ka hlooho, e le hore sefela sena e tle e be paki ya ka, e tswang bana ba Iseraele.


Etlare ha bomadimabe bo tshabehang, le ditsietsi tse ngata di ba wetse hodimo, ebe sefela sena e ba paki e ba tswang, hobane ditloholo tsa bona di tla be di sa lebala ho se bina. Ke se ke ntse ke tseba mehopolo eo ba e hopolang kajeno, le pele ke ba fihlisa naheng eo ke neng ke e hlapanyetse bo-ntata bona.”


“Nkang Buka ena ya Molao, le e bee pele areka ya selekane sa Morena Modimo wa lona, e le hore e be moo, e le paki e le tswang.


“Sekehang tsebe, lona mahodimo, mme ke tla bua; lefatshe le ke le utlwe polelo tsa molomo wa ka.


lehodimo le lefatshe ke dipaki tsa hore ruri le tla timela hanghang, naheng eo le tshelang Jorodane le eya ho yona, hore e be ya lona. Le ke ke la phela halelele naheng eo; le tla timetswa ho hang.


Ba bolela hore ba tseba Modimo, empa diketso tsa bona di a latola. Ba a nyonyeha, ba hana ho mamela, ba sitwa ho etsa letho le lokileng.


Bana ba Rubene le bana ba Gade ba rea aletare eo lebitso la “Paki”, hobane ba ne ba re: “Ena ke paki ho rona bohle hore Morena ke Modimo.”


Yaba Joshua o qhala setjhaba, mme motho ka mong a kgutlela ha hae.


“o re: Ke tseba mesebetsi ya hao. Bona, ke butse monyako kapela hao, oo ho seng ya ka o kwalang. Ke tseba hore o na le matlanyana feela, empa o ile wa boloka lentswe la ka, mme ha o a ka wa latola lebitso la ka.


Yaba Samuele o nka lejwe le le leng, o le hloma pakeng tsa Misepa le Shene, o le rea lebitso la Ebenesere, o re: “Morena o re thusitse ho fihlela mona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos