Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 24:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Joshua a ngola taba tseo bukeng ya molao wa Modimo, a ba a nka lejwe le leholohadi, a le emisa hona teng, tlasa eike e pela sehalalelo sa Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Joshua a ngola mantswe ana Bukeng ya Molao wa Modimo. A nka lejwe le leholo, a le hloma moo, tlasa sefate sa eike, se neng se le haufi le Sehalalelo sa Morena.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 24:26
10 Referencias Cruzadas  

Yaba Jakobo o nka lejwe, a le emisa hore e be sefika.


Yaba ba nea Jakobo medimo yohle esele e diatleng tsa bona, le masale a ditsebeng tsa bona; Jakobo a di epela tlasa sefate sa eike se pela Sikeme.


Debora, mofepi wa Rebeka, a shwa, mme a patwa katlase ho Bethele, tlasa sefate sa eike, mme a se rea lebitso la Allone-Bakuthe (eike ya dillo).


Moshe a ngola mantswe wohle a Jehova. Yaba o tsoha e sa le hosasa, a haha aletare tlasa thaba, a hloma le majwe a leshome le metso e mmedi ho lekana le meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.


Yaba beng bohle ba Sikeme, le bohle ba ntlo ya Millo, ba phutheha, ba ya, ba bea Abimeleke morena, haufi le eike ya seemahale se Sikeme.


Samuele a nka lejwe, a le emisa pakeng tsa Mitspe le Shene, a le rea lebitso la Eben-Esere (lejwe la thuso), a re: Jehova o re thusitse ho fihlela mona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos