Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 24:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Yaba Joshua o tlabola selekane le setjhaba, a se beela molao le taelo Sikeme.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Ka lona letsatsi leo Joshua a etsa selekane le setjhaba, a se beela molao le taelo a le Shekeme.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 24:25
17 Referencias Cruzadas  

Yaba ba nea Jakobo medimo yohle esele e diatleng tsa bona, le masale a ditsebeng tsa bona; Jakobo a di epela tlasa sefate sa eike se pela Sikeme.


Jwale, Jehojada a hlaba selekane mahareng a Jehova le morena le setjhaba, hore e fele e be setjhaba sa Jehova, le selekane mahareng a morena le setjhaba.


Ba itlama pela Jehova ka selekane sa hore ba tla batla Jehova, Modimo wa bontata bona, ka pelo yohle le ka moya wohle;


Bajuda kaofela ba thabela kano eo, hobane ba ne ba itlamile ka kano eo ka dipelo tsohle tsa bona, mme ba ne ba batlile Modimo ka takatso e tletseng ya bona; wa ba wa fumanwa ke bona; mme Jehova a ba nea phomolo ka nqa tsohle.


Jwale, Jehojada a hlaba selekane mahareng a hae le setjhaba le morena, hore e fela e be setjhaba sa Jehova.


Jwale, ke na le pelo ya ho hlaba selekane le Jehova, Modimo wa Iseraele, hore bohale ba kgalefo ya hae bo ke bo re kgelohe.


Taba ha di le jwalo, ra etsa tumellano, ra e ngola, mme ya tiiswa ka tiiso ya dihlooho tsa rona, le ya Balevi ba rona, le ya baprista ba rona.


Yaba o howeletsa ho Jehova, mme Jehova a mmontsha sefate; a se akgela metsing; yaba metsi a ba monate. A ba beela molao le taelo teng; a ba leka teng,


Yaba Moshe o ya, a phetela setjhaba mantswe wohle a Jehova le ditaelo tsohle tsa hae, mme setjhaba sa araba ka ntswe le le leng, sa re: Taba tsohle tse boletsweng ke Jehova re tla di etsa.


Dipolelo tsa selekane seo Jehova a laetseng Moshe ho se etsa le bana ba Iseraele, naheng ya Moabe, kantle ho selekane seo a neng a se entse le bona Horebe, ke tsena:


Ebile Joshua o phuthela meloko yohle ya Iseraele Sikeme, a bitsa le baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le matona a bona. Ba itlhahisa pela Modimo.


Joshua a ngola taba tseo bukeng ya molao wa Modimo, a ba a nka lejwe le leholohadi, a le emisa hona teng, tlasa eike e pela sehalalelo sa Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos