Ruri, Morena, ke mohlanka wa hao, mora wa lekgabunyane la hao; o tlamolotse ditlamo tsa ka.
Joshua 24:18 - BIBELE Morena ke yena ya ileng a falatsa ditjhaba tsohle tse neng di le kapele ho rona, le Baamore ba neng ba ahile naheng ena. Ka baka leo, le rona re tla sebeletsa Morena, hobane ke yena Modimo wa rona.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ke yena Jehova ya lelekileng pela rona ditjhaba tsohle tsa Baamore tse neng di ahile fatsheng lena. Le rona re tla sebeletsa Jehova, hobane ke Modimo wa rona. |
Ruri, Morena, ke mohlanka wa hao, mora wa lekgabunyane la hao; o tlamolotse ditlamo tsa ka.
le hore o tle o tsebe ho phetela bana ba hao le ditloholo tsa hao, kamoo ke neng ke bapale ka Baegepeta kateng; le ho ba phetela mehlolo ena ya ka, eo ke e entseng hara Baegepeta. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena.”
Morena ke matla a ka, le thoko ya ka; ke yena ya mpholositseng, ke Modimo wa ka, mme ke tla mo rorisa, ke Modimo wa ntate, mme ke tla mo tlotlisa.
“Ke tla seha meedi ya hao ho tloha Lewatleng la Lehlaka, ho isa Lewatleng la Bafilesita, le ho tloha lehwatateng ho ya fihla Nokeng. Ke tla etsa hore o hlole baahi ba naha eo, mme o tla ba leleka kapele ho wena.
Matjhabatjhaba a tla fihla, a re: “Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Morena, re nyoloheleng Tempeleng ya Modimo wa Jakobo. O tla re ruta ditaba tsa hae, re tle re tsamaye tseleng tsa hae;” kaha molao o tla tswa, o tswe thabeng ya Sione, ntswe la Morena le tswe Jerusalema.
Morena wa mabotho o bua tjena: “Mohlang oo banna ba leshome ba dipuo tsohle le ba ditjhaba tsohle ba tla tshwara Mojuda a le mong ka qola ya kobo ya hae, ba re: ‘Ako re re ye le lona, hobane re utlwile hore Modimo o na le lona.’ ”
Bo-ntata rona ba e amohela. Tlasa tsamaiso ya Joshua, ba tla le yona naheng ya baditjhaba, bao Modimo a ileng a ba leleka pela bo-ntata rona, ho fihlela mehleng ya Davida.
Ke yena thoriso ya lona, ke yena Modimo wa lona, ya le etseditseng dintho tsena tse kgolo, tse tshabehang, tseo le di boneng.
Leaho la hao ke Modimo wa mehla yohle, matsoho a mehla yohle a o tshehetsa; a phaladisa sera kapele ho wena, a o laela hore o se timetse.
“Morena o faladitse ditjhaba tse kgolo, tse matla, kapele ho lona, mme ha ho ya kileng a ema kapele ho lona ho fihlela kajeno.
hobane Morena Modimo wa rona, ke yena ya re nyolotseng le bo-ntata rona Egepeta, moo re neng re le makgoba teng. Ke yena ya entseng dipontsho tse kgolo, a re baballa tseleng yohle eo re e tsamaileng, le hara ditjhaba tsohle tseo re fetileng hara tsona.
Joshua a re ho setjhaba: “Le ke ke la sebeletsa Morena, hobane ke Modimo ya halalelang, ke Modimo ya boulelang. A ke ke a le tshwarela ditshito tsa lona, kapa dibe tsa lona.