Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 24:17 - BIBELE

17 hobane Morena Modimo wa rona, ke yena ya re nyolotseng le bo-ntata rona Egepeta, moo re neng re le makgoba teng. Ke yena ya entseng dipontsho tse kgolo, a re baballa tseleng yohle eo re e tsamaileng, le hara ditjhaba tsohle tseo re fetileng hara tsona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 etswe e le Jehova, Modimo wa rona, ya re ntshitseng fatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka, rona le bontata rona, a etsa mehlolo eo e meholo pela mahlo a rona, a re boloka tseleng yohle eo re e tsamaileng, le hara ditjhaba tsohle tseo re fetileng hara tsona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 24:17
14 Referencias Cruzadas  

“Empa haele rona, Morena ke Modimo wa rona, mme ha re a mo furalla. Baprista ba sebeletsang Morena ke bara ba Arone, mme ba thuswa ke Balevi tshebeletsong ya bona.


“Ka nako e tlang, ha mora wa hao a o botsa, a re: ‘Hoo ke eng?’ wena o tle o re ho yena: ‘Ka letsoho la hae le matla, Morena o re ntshitse Egepeta, moo re neng re le makgoba teng.


Moshe a re ho setjhaba: “Hopolang letsatsi lena, leo ka lona le tswileng Egepeta, moo le neng le le makgoba teng, hobane Morena o le ntshitse teng ka letsoho la hae le matla. Le se ke la ja bohobe bo lomositsweng.


‘Le bone tseo ke di entseng Egepeta, le kamoo ke ileng ka le pepa kateng ka mapheo a ntsu, ka le tlisa ho nna.


Ho fihlela boqhekung ba lona ha ke eso fetohe, ke tla nne ke le pepe ho fihlela le eba bo-raputswe. Ke nna ya le bopileng, mme ke tla nne ke le sike, ke tla nne ke le pepe, ke le namolele.


Moshe a bitsa Baiseraele bohle, a re ho bona: “Ka mahlo a lona le bone tsohle, tseo Morena a ileng a di etsa naheng ya Egepeta, ho Faro, le ho bahlanka ba hae bohle, le naheng ya hae yohle;


Seabo sa Morena ke setjhaba sa hae, Jakobo ke karolo ya lefa la hae.


le meleko eo le e boneng, le dipontsho, le mehlolo; le letsoho le matla, le otlolohileng, leo Morena Modimo wa lona, a ileng a le ntsha ka lona. Morena Modimo wa lona, o tla etsa jwalo ho ditjhaba tsohle tseo le di tshabang.


Setjhaba sa araba, sa re: “Le kgale! ha re ka ke ra furalla Morena, ra sebeletsa medimo esele,


Morena ke yena ya ileng a falatsa ditjhaba tsohle tse neng di le kapele ho rona, le Baamore ba neng ba ahile naheng ena. Ka baka leo, le rona re tla sebeletsa Morena, hobane ke yena Modimo wa rona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos