Joshua 23:4 - BIBELE Ke le abetse naha ya ditjhaba tsena tse sa ntsaneng di setse, le ya ditjhaba tsohle tseo ke di ripitlileng ho tloha Jorodane, ho ya fihla Lewatleng le Leholo, nqa bophirimela, hore e be lefa la lona. Sesotho 1909/1961 (SO) Bonang, ke le laoletse naha ya ditjhaba tsena tse setseng e tle e be lefa la meloko ya lona, ho tloha Jordane, le ya ditjhaba tsohle tseo le di timeditseng, ho isa Lewatleng le Leholo, nqa bophirimela. |
A leleka ditjhaba pela bona, a ba sehela moo e tla ba lefa la bona, a ahisa meloko ya Iseraele, a e ahisa metlotlwaneng ya tsona.
Ke tla ba lelekisa kapele ho wena butlebutle, ho fihlela o eba le bana ba bangata, naha e eba ya hao.
“Matjhaba wohle ke a timeditse, qhobosheane tsa wona ka di heletsa. Diterata tsa wona di setse feela, ha ho le ya mong ya tsamayang ho tsona. Metse ya tsona yohle e ripitlilwe, ha ho sa na le motho, ha ho sa na moahi.
“Ha Morena Modimo wa lona, a se a fietse kapele ho lona ditjhaba tseo le yang ho ya di hapa, le se le di lelekile, le tla aha naheng ya tsona.
Joshua a ba abela yona ka lotho, a le Shilo, kapele ho Morena. Joshua a arolela bana ba Iseraele naha eo, ho ya ka merabe ya bona.
le nna, ho tloha jwale, ha ke sa tla hlola ke leleka ditjhaba tse kapele ho sona, tseo Joshua a ileng a di siya ha a eshwa.