La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joshua 22:30 - BIBELE

Yare ha bo-moprista Finease, le mahosana a setjhaba, le dihlooho tsa merabe ya Iseraele, ba utlwa mantswe a builweng ke bana ba Rubene, le bana ba Gade, le bana ba karolo e nngwe ya Manase, ba kgotsofala.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Yaba moprista Finease, le dikgosana tsa phutheho, le dihlooho tsa dikete tsa Iseraele tse neng di na le yena, ha ba utlwa taba tse bolelwang ke bana ba Rubene, le bana ba Gade, le bana ba Manasse, ba kgolwa.

Ver Capítulo



Joshua 22:30
11 Referencias Cruzadas  

Esau a bona hore mahlong a ntatae, Isaka, banana ba Bakanana ba kgopo;


Hona ha thabisa kgosi le setjhaba sohle.


Keletso ena ya thabisa kgosi le mahosana, mme kgosi ya etsa kamoo Memukane a eleditseng kateng.


Ya arabang ka boikokobetso o tima kgalefo, empa polelo e kgahlapetsang e baka bohale.


Yare ha ba utlwa tsena, ba thola. Jwale ba tlotlisa Modimo, ba re: “Efela le baditjhaba Modimo o ba neile pako e isang bophelong.”


“ ‘Re thoko haholo le ho fetohela Morena, lehore kajeno re mo furalle, re se ke ra mo latela ka ho haha aletare eo ho yona ho etsetswang nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, kapa ya sehlabelo, e le e kathoko ho aletare ya Morena Modimo wa rona, e kapele ho Tente ya hae.’ ”


Finease, mora wa moprista Eleasare, a re ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase: “Kajeno re a tseba hore Morena o teng kahara rona, hobane ha le a etsetsa Morena bohlabaphiyo bona; le pholositse bana ba Iseraele matsohong a Morena.”


Tsena tsa kgotsofatsa bana ba Iseraele, mme bana ba Iseraele ba boka Modimo. Ba kgaotsa ho bua ka ho ba futuhela, le ho ripitla naha eo bana ba Rubene, le bana ba Gade ba neng ba ahile ho yona.


Modimo o neelane ka mahosana a Bamidiane, e leng Orebe le Seebe, matsohong a lona. Nna ke entse eng e ka bapiswang le seo le se entseng?” Hoba a bue tjena, kgalefo ya bona ya kokobela.


Jwale Akishe a bitsa Davida, mme a re ho yena: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, o tshepahetse ho nna. O ile wa nkgahla ha re ntse re futuha le wena ka mabotho. Ho tloha mohla o fihlang mona ho nna, ho fihlela kajeno, ha ke eso fumane bobe ba letho ho wena. Leha ho le jwalo, mahosana ha a o amohele.