Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 1:21 - BIBELE

21 Keletso ena ya thabisa kgosi le mahosana, mme kgosi ya etsa kamoo Memukane a eleditseng kateng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Mantswe ao a kgahlisa morena le mahosana, mme Morena a etsa ka mantswe a Memukane;

Ver Capítulo Copiar




Esthere 1:21
5 Referencias Cruzadas  

Keletso ena ya kgahla Faro, ya kgahla le bahlanka ba hae bohle.


“Haeba kgosi e ka kgahlwa, a ho ke ho tswe taelo ya kgosi, mme e ngolwe melaong ya Peresiya le ya Media, e le hore taelo eo e se ke ya fetolwa, ho thwe Fashiti a ke ke a hlola a ema kapele ho kgosi Ahashuerushe. Ditokelo tsa hae tsa bofumahadi di newe e mong e motle ho mo feta.


Ha taelo ena ya kgosi e tla etswa, e phatlalatswa hohle mmusong wa kgosi o namileng, basadi bohle ba tla hlompha banna ba bona, ebang banna bao ke mahosana kapa ke bafo.”


Yaba kgosi e romela mangolo dinaheng tsohle tseo e di busang, naha ka nngwe ya ngollwa ka mongolo wa yona, setjhaba ka seng sa ngollwa ka puo ya sona, ha thwe monna e mong le e mong a laole lelapa la hae, ho buuwe puo ya habo.


Morwetsana ya tla kgahla kgosi, ke yena eo e tla ba mofumahadi bakeng sa Fashiti.” Keletso ena ya thabisa kgosi, mme kgosi ya etsa jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos