Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 1:22 - BIBELE

22 Yaba kgosi e romela mangolo dinaheng tsohle tseo e di busang, naha ka nngwe ya ngollwa ka mongolo wa yona, setjhaba ka seng sa ngollwa ka puo ya sona, ha thwe monna e mong le e mong a laole lelapa la hae, ho buuwe puo ya habo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 a romela mangolo dinaheng tsohle tsa morena, naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona, le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona, ha thwe, monna ka mong e be hlooho tlung ya hae, mme a tumise hona ka puo ya setjhaba sa habo.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 1:22
11 Referencias Cruzadas  

Keletso ena ya thabisa kgosi le mahosana, mme kgosi ya etsa kamoo Memukane a eleditseng kateng.


Ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya pele bangodi ba kgosi ba bitswa, ba ngolla balaodi ba kgosi, le babusi ba dinaha tsohle le mahosana a dinaha tsohle, ho ya kamoo Hamane a ileng a laela kateng. Mangolo ana a ngollwa ditjhaba tsohle ka mengolo ya tsona le ka dipuo tsa tsona; a ngolwa lebitsong la kgosi Ahashuerushe, a tiiswa ka tiiso ya lesale la kgosi la monwana.


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya boraro, e leng kgwedi ya Phuptjane, bangodi ba kgosi ba bitswa. Yaba ho ngolwa ho latela sohle seo Moredekai a ileng a se laela. Ha ngollwa Bajuda le baokamedi ba mabotho, le batlatsi ba bona, le babusi le mahosana a dinaha, ho tloha India ho ya fihla Kushe, e leng babusi ba dinaha tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng. Ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona, le Bajuda ba ngollwa ka mongolo wa bona le ka puo ya bona.


“Ka baka leo, ke laela hore batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba ka nyefolang Modimo wa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego ba tsekollwe, matlo a bona a fetolwe masupi, hobane ha ho modimo e mong ya ka pholosang ka mokgwa ona.”


Kgosi Nebukadenesare a romela molaetsa ho batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle ba ahileng lefatsheng lohle, a re: “Kgotso e ke e le atele!


“Monga hae a rorisa mookamedi eo ya sa tshepahaleng, kaha a sebeditse ka masene, hobane bana ba lefatshe, molokong wa bona, ba masene ho feta bana ba lesedi.


Ha ke dumelle mosadi ho ruta kapa ho laola monna, empa o lokela ho kgutsa,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos